Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 12:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Mohlanka ya tsebileng thato ya morena wa hae, mme a sa ka a lokisa letho, le ho etsa thato ya morena wa hae, o tla otlwa haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

47 “Empa mohlanka eo ya tsebileng thato ya monga hae, yaba ha a lokise leha e le ho etsa ho ya ka thato eo, o tla shapuwa haholo;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

47 Mme mohlanka ya tsebileng thato ya morena wa hae, mme a se ke a itokisa, leha e le ho etsa ka thato ya hae, o tla otlwa ka dithupa tse ngata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

47 Mme mohlanka ya tsebileng thato ya morena wa hae, mme a se ke a itokisa, leha e le ho etsa ka thato ya hae, o tla otlwa ka dithupa tse ngata.

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:47
14 Referencias Cruzadas  

bolayang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le dikgarebe, le bana ba banyenyane, le basadi; ha e le ba nang le letshwao, le se ke la ba ama; hlong le qale ka sehalalelo sa ka. Yaba ba qala ka banna ba baholo ba leng pela tempele.


Yaba Petrose o re ho yena: Morena, setshwantsho seo hleka o se bolella rona feela kapa u se bolella le bohle na?


morena wa mohlanka eo o tla tla ka tsatsi leo a sa mo lebellang, le ka hora eo a sa e tsebeng; mme o tla mo pomahanya dikoto, a mo fe kabelo ya hae le ba sa tshepeheng.


Ya ntahlang, mme a sa amohele mantswe a ka, o na le ya mo ahlolang; lentswe leo ke le buileng, ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo.


Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang.


Hojane le difofu, le ka be le se na sebe; empa jwale le re: Re a bona; sebe sa lona se sala ke hona.


Modimo ha o se o lesitse ditshiu tseo tsa ho se tsebe hore di fete, jwale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.


Efela ya tsebang ho etsa botle, mme a sa bo etse, yena o etsa sebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos