Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 11:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Mawatla ting! ya entseng bokantle, na ha a ka a etsa le bokahare na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

40 Dithoto ting! Na ya ileng a etsa bokantle hase yena ya entseng le bokahare?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

40 Mahlanya ke lona, na ya entseng kantle ha a ka a etsa le kahare na?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Mahlanya ke lona, na ya entseng kantle ha a ka a etsa le kahare na?

Ver Capítulo Copiar




Luka 11:40
17 Referencias Cruzadas  

Modimo wa ntoo re: A re etseng motho ka setshwantsho sa rona le ka ho tshwana ha rona, mme a buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le makgomo, le lefatshe lohle, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng.


Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.


Lehlanya le itse pelong ya lona: Modimo ha o yo. Ba bodile, mesebetsi ya bona e manyala; ha ho ya etsang hantle.


Ke yena ya bopileng dipelo tsa bona bohle, ya elang mesebetsi ya bona kaofela hloko.


bo re: Helang, lona dithoto, le tla rata bothoto ho le hokae na? Ho tla nne ho be hokae na basomi ba thabelang ho soma, mme mahlanya a hloya tsebo na?


Oho! lona dithoto, ithuteng masene; le lona mawatla, le batle kutlwisiso.


Mamela hle, setjhaba se sethoto, se se nang kelello, se nang le mahlo, empa ha se bone, se nang le ditsebe, empa ha se utlwe.


Boporofeta ba lentswe la Jehova hodima Iseraele: Ho itswe ke Jehova ya alang mahodimo, ya theang lefatshe, ya bopang moya wa motho ka ho yena:


Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?


Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kgauta, kapa a ke tempele e halaletsang kgauta na?


Mofarisi ya sefofu! hlatswa mohope le sejana kahare ho tsona pele, bokantle ba tsona bo tle bo hlweke le bona.


Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?


Yaba o re ho bona: Jo! batho ba se nang kutlwisiso, ba pelo tse diehang ho dumela tsohle tse boletsweng ke baporofeta!


Sethoto ke wena! Seo o se jalang se ke ke sa phela, ha se sa shwe pele.


Mme ha esitile bontata rona ka nama ba re laile, mme re ba hlonephile, na haholoholo re ke ke ra utlwa eo e leng Ntata meya, re tle re phele na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos