Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 A re: Ke ya mo etseditseng mohau. Yaba Jesu o re ho yena: Eya, mme o etse jwalo le wena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

37 A re: “Ke ya ileng a mo etsetsa mohau.” Jesu a re ho yena: “Eya, o etse jwalo le wena!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

37 A re: Ke ya mo etseditseng mohau. Yaba Jesu o re ho yena: Eya, o etse jwalo le wena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 A re: Ke ya mo etseditseng mohau. Yaba Jesu o re ho yena: Eya, o etse jwalo le wena.

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:37
18 Referencias Cruzadas  

Ya nyedisang wa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ya leng molemo ho mofutsana.


Hobane ke thabela lerato haholo ho sehlabelo, ho tseba Modimo ke ho rata ho fetisa mahlabelo a ditjheso.


Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.


jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena le anetha le kumine, mme le siya hoo e leng boholo ba molao, e leng tokiso, le mohau, le tumelo; anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.


Jwale, wena, ha o lekanya, ke mang ho ba bararo bao e bileng wa habo ya wetseng hara dihlola na?


Ba re ba ntse ba tsamaya, a kena motsaneng o mong. Mosadi e mong, ya bitswang Maretha, a mo amohela tlung ya hae.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Hape, ke seo le bileditsweng sona; hobane Kreste le yena o utlwisitswe bohloko bakeng sa lona, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng;


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos