Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Moprista a tshoha a theoha ka tsela eo; yare ha a mmona, a mo kwekwetla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo, mme ha a mmona a mo kwekwetla.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

31 Ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo, mme yare ha a mmona, a mo kwela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Ha etsahala hore moprista e mong a theohe ka tsela eo, mme yare ha a mmona, a mo kwela.

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:31
18 Referencias Cruzadas  

Mohlankana ya mmehelang, a re: Eitse ha ke le thabeng ya Gilboa, ka fihlela Saule a ikokotletse ka lerumo la hae, ka bona ba makoloi le ba kaletseng mapere ba mo phalletse ka matla.


Tadima ka ho le letona, mme o ele hloko; ha ke na motho ya ntsebang, ha ho moo nka balehelang teng, ha ho motho ya ntlhokomelang.


Dinyefolo di robile pelo ya ka, ke bohloko haholo; ke lebeletse ba nkgauhelang, mme ba hlokahetse; ka batla le batshedisi, mme ha ke bone le a mong.


Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.


Ke lemohile, mme ke bone tlasa letsatsi hoba peisong ya lebelo ha a siye ba bang kamehla, ntwa hase ya diqhenqha kamehla, bohobe hase jwa ba bohlale kamehla, le leruo hase la ba kello kamehla, le ho ratwa hase ha batsebi kamehla, empa bohle ba hlahelwa ke nako le sebaka sa ntho tseo.


Na hase hore o abele ya lapileng bohobe ba hao, o amohele mofutsana ya twailang tlung ha hao na? Leha o bona motho ya hlobotseng, o mo apese, o se ke wa ipata pela ngwaneno.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore.


Le sehlopha sa baprista se jwaloka sehlopha sa balalli; tseleng e yang Sikeme ba bolaya batho; e, ba etsa ka bolotsana.


Ke mang hara lona ya tla kwala menyako, hore le se hlole le hotetsa mollo wa aletare ya ka ka lefeela? Ha ke kgahlwe ke lona, ho bolela Jehova wa makgotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahiswang ke matsoho a lona.


Jesu a bua, a re: Motho e mong o ne a theohile Jerusalema ho ya Jeriko; a wela hara dihlola; tsa mo hlobodisa, tsa mo ntsha dikotsi, tsa ntoo ikela, tsa mo siya a le makgatheng a ho shwa.


Ka mokgwa o jwalo le Molevi a fihla moo, mme ha a mmona, a mo kwekwetla.


Yaba o tloha, a ya thonaka masimong, a ntse a setse ba helang morao, mme a tshoha a nepisitswe tshimo ya Boase wa lesika la Elimeleke.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos