Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:66 - Sesotho 1909/1961 (SO)

66 Mme bohle ba di utlwang ba di boloka dipelong tsa bona, ba re: Ha ho le jwalo, ngwana eo e tla ba eng? Hobane letsoho la Morena le ne le le ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

66 bohle ba di utlwang ba di boloka pelong tsa bona, ba re: “Ekaba ngwana eo e tla ba eng?” Letsoho la Morena le ne le fela le ena le yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

66 Bohle ba di utlwang ba di boloka dipelong tsa bona, ba re: “Ngoana eo e tla ba ya jwang? Mme letsoho la Morena la eba le yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

66 Bohle ba di utlwang ba di boloka dipelong tsa bona, ba re: “Ngoana eo e tla ba ya jwang? Mme letsoho la Morena la eba le yena.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:66
16 Referencias Cruzadas  

Banababo ba mo honohela, empa ntatae a nahana taba eo.


Jehova a ba le Josefa, ya eba motho ya lehlohonolo, mme a dula ka tlung ya monga hae Moegepeta.


Akabe a kena koloing, a ya Jisreele. Letsoho la Jehova la eba hodima Elia: a itlama letheka, a titima pela Akabe ho ya fihla kgorong ya Jisreele.


Ke boloka lentswe la hao ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Sireletsa motho, mosebetsi wa letsoho la hao le letona, le mora wa motho eo o ikgethetseng yena.


Seatla sa ka se tla mo ahisa, letsoho la ka le mo tiise.


Haele ngwana, a nna a hola, a ipha matla moyeng; a nna a dula mafeelleng, ha ba ha fihla letsatsi leo a hlahileng pela Iseraele ka lona.


Haele Maria, a boloka ditaba tseo tsohle, a di nahana pelong ya hae.


Haele ngwana a nna a hola, a ipha matla, a tlala bohlale; mme molemo wa Modimo wa nna wa dula ho yena.


Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha. O ne a ba utlwa; mme mmae a nna a boloka ditaba tseo kaofela pelong ya hae.


Le ikenye ditaba tsena ditsebeng tsa lona. Hobane Mora motho o ya neelwa matsohong a batho.


Letsoho la Morena la eba le bona, mme batho ba bangata ba dumela, ba sokolohela ho Morena.


ka baka la tshepo eo le e beetsweng mahodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete la Evangeli


E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.


Haele mohlankana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova, a apere efoda ya lene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos