Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 8:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Diteng tsa yona le ditlhako tsa yona tsa hlatsuwa ka metsi, mme pheleu kaofela Moshe a e tjhesa aletareng; ya eba setjheso le sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Dikahare le ditlhakwana a di hlatswa ka metsi, mme a tjhesetsa pheleu yohle hodima aletare. E ne e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 8:21
11 Referencias Cruzadas  

Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


Le se ke la e ja e sa butswa; le se ke la e hladiya ka metsi, e mpe e beswe mollong, hlooho, le maoto, le dikateng tsa yona.


mme o tjheseletse pheleu kaofela aletareng; ke setjheso sa Jehova se monko o monate, ke sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


Moshe a etsa jwalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.


O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


O tla roba nonyana pakeng tsa mapheo, empa a sa e kgaole kalehare, mme moprista o tla e tjhesa aletareng hodima patsi e beilweng mollong; ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Moprista o tla ngwatha nyehelong se tshwanetseng ho ba kgopotso, a se tjhese aletareng: ke sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Moshe a atametsa le bara ba Aarone; le bona a ba apesa dikojwana, a ba tlama ka dinyepa, mme a ba hokella dikatiba, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


A mo rwesa moqhwele hloohong, mme moqhweleng, kapele ho wona, a hloma diadema ya kgauta, e leng lebenyane le kgethehileng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos