Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 8:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 a foka hasupa ka yona aletareng, mme a tlotsa aletare le dintho tsa yona, le morifi, le sedulwana sa wona, ho di kgetha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 A foka hodima aletare ka ole, ka makgetlo a supileng; a foka le sekotlolo le sedulwana sa sona, hore di halalele.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 8:11
13 Referencias Cruzadas  

Eitse ha phoka e neng e letse e tlohile, bonang, hodima lebala la nahathothe ho bo ho le ntho e kang dihlakunyana, e tshesane jwaloka matlalepula hodima lefatshe.


Moshe a re ho bona: Ho se be motho ho lona ya bolokelang letsatsi la hosasane.


Hape, ka tsatsi le leng le le leng, o tla hlaba poho ya sehlabelo sa sebe ho etsa pheko; o tla hlwekisa aletare ka ho e etsetsa pheko, o e tlotse hore o tle o e kgethele tshebeletso.


Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.


O di kgethe e be dintho tse kgethehileng haholo; tsohle tse tla di ama di tla kgetheha le tsona.


O tla nka lere lena letsohong la hao, o tle o etse mehlolo ka lona.


Jehova a eketsa a re ho yena: Ako kenye letsoho la hao sefubeng sa hao. A kenya letsoho la hao sefubeng sa hae; eitse ha a le ntsha, a bona letsoho la hae le le jwaloka lehlwa ke lepera.


ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.


Ke tla le tshela ka metsi a hlwekileng, hore le tle le ntlafale; ke tla le ntlafatsa, hore le hloke ditshila tsohle tsa lona le ditshwantsho tsohle tsa lona.


moprista o tla qopetsa monwana wa hae wa letsoho le letona oleng eo a nang le yona seatleng sa hae se setshehadi, mme ka monwana wa hae o tla foka hasupa pela Jehova.


moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading ao, mme o tla foka hasupa pela Jehova, malebana le lesira;


Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading ao, mme a foke ka wona hasupa pela Jehova, pela lesira la sehalalelo.


oo o o tshetseng ka bongata hodima rona ka Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos