Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Moprista ya hlahisang setjheso sa e mong, o tla newa letlalo la ntho e entsweng setjheso seo a se hlahisitseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Letlalo la phoofolo eo moprista a etsetsang motho sehlabelo sa setjheso ka yona, e tla ba la moprista eo.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:8
9 Referencias Cruzadas  

Jehova Modimo a etsetsa Adama le mosadi wa hae dikobo tsa matlalo, mme a ba apesa tsona.


Haele nama ya poho, le letlalo la yona, le moswang wa yona, o di tjhese kantle ho diahelo; ke sehlabelo sa sebe.


O tla buha poha ya setjheso, a e tshele ditho.


Empa letlalo la poho eo, le nama ya yona yohle, le hlooho ya yona, le ditlhako tsa yona, le mala a yona, le moswang wa yona,


Kamoo sehlabelo sa sebe se leng kateng, le sehlabelo sa molato se jwalo feela; molao o mong feela ho se seng le se seng sa tsona; sehlabelo e tla ba sa moprista ya tlang ho etsa pheko.


Nyehelo e nngwe le e nngwe e apehilweng seboping, kapa e apehilweng pitseng, kapa paneng, e tla ba ya moprista ya e hlahisitseng; ke ya hae.


Sethole se tla tjheswa pela mahlo a hae; ho tla tjheswa letlalo la sona, le nama ya sona, le madi a sona, le wona moswang wa sona.


Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.


a je kabelo e tshwanang le tsa ba bang, ho sa balwe seo a ka bang le sona ka thekiso ya ntho tsa baholo ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos