Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang: se halalela haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 E mong le e mong e motona wa baprista a ka ja nyehelo eo; a e jelle sebakeng se halalelang, hobane e halalela ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:6
11 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.


Se setseng sa nyehelo eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.


A ka ja dijo tsa Modimo wa hae, dintho tse kgethehileng haholo le tse halalelang.


O tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding ho thothela molora kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng.


Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; ke ntho e halalelang haholo.


Moprista o tla a tjhesa aletareng, e le sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo; ke sehlabelo sa molato.


Ekare ha motho a nkile nama e kgethehileng ka kobo ya hae, mme ka kobo ya hae a ama bohobe, leha e le moroho, kapa veine, kapa ole, kapa sejo sefe le sefe, na se tla kgetheha na? Baprista ba araba, ba re: Tjhe.


Bonang Baiseraele, bao e leng bona ka nama: ana ba jang mahlabelo ha ba jele aletareng na?


Na ha le tsebe hobane ba sebetsang tse halalelang ba jela ho tsa tempele? Le ba sebetsang aletareng ha ba jele aletareng na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos