Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Hobane, mang le mang ha a ka ja mafura a dintho tseo ho etswang ka tsona mahlabelo a tjhesetswang Jehova, ya a jeleng, o tla kgaolwa hara setjhaba sa habo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Mang le mang ya jang mafura a phoofolo eo motho a e nyehellang Morena e le setjheso, le yena motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:25
8 Referencias Cruzadas  

Motho e motona wa leqai ya sa bolotswang nameng ya hae, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa hae, hobane o sentse selekane sa ka.


o ntoo di tlosa matsohong a bona, mme o di tjheseletse aletareng, setjhesong, e be monko o monate pela Jehova; ke sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


Molao ona e tla ba wa kamehla melokong ya lona, kahohle moo le tla aha teng: Le se ke la ja mafura, leha e le madi.


Empa motho ya ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Motho ya amileng ntho efe le efe e sa hlwekang, kapa sesila sa motho, kapa phoofolo e sa hlwekang, leha e le ntho e nngwe le e nngwe e manyala, e ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sefe le sefe sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Mafura a phoofolo e itjhweletseng, kapa mafura a phoofolo e rusolotsweng, le ka itshebeletsa ho hong hofe le hofe ka wona, empa le wona, le ke ke la a ja.


Le ke ke la ba la ja madi le hanyenyane, meahong ya lona kaofela; leha e le a dinonyana, leha e le a tse maoto a mane.


Ya ka jang madi afe le afe, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos