Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 6:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Aarone le bara ba hae ba tla ja se setseng sa nyehelo, mme se tla jewa se sa lomoswa, nqalong e halalelang; ba tla se jela lebaleng la tente ya pokano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Se setseng, se sa lomoswang, Arone le bara ba hae ba tla se jella sebakeng se halalelang. Ba tla se jella ka seotlwaneng sa Tente ya Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 6:16
13 Referencias Cruzadas  

Kore, mora Jimna Molevi, molebedi wa monyako o ka nqa botjhabatsatsi, a bewa modisa wa dimpho tse etsetswang Modimo ka ho rata, hore a abe dikabelo tse ntshetswang Jehova le dintho tse kgethehileng haholo.


Ba ja nama ya yona ka bosiu boo e besitswe ka mollo, ba e jellele le bohobe bo se nang ditomoso, le meroho e babang.


Nyehelo, sehlabelo sa sebe, le sehlabelo sa molato, ba tla di ja, mme ntho tsohle tse entsweng anathema Iseraeleng e tla ba tsa bona.


Se setseng sa nyehelo eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.


Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa motho eo pheko ka baka la sebe seo a se entseng tabeng e nngwe ya tseno, mme o tla tshwarelwa. Se setseng e tla ba sa moprista, jwaloka ha ho etswa ka nyehelo.


Nyehelo e nngwe le e nngwe ya baprista e tla tjheswa kaofela ha yona; ha e na ho jewa.


Moprista ya se hlahisang bakeng sa sebe, o tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang, lebaleng la tente ya pokano. Ya ka amang nama ya sona, o kgethehile.


Jehova a re ho Aarone: Bona, ho ntho tsohle tse kgethwang ke bana ba Iseraele, ke o fa tseo ke di fuwang ka mokgwa wa kabelo; ke o fa tsona; ke di nea wena le bara ba hao e le ditokelo tsa botlotsuwa, ka molao o sa feleng.


A re etseng mokete ke hona, e seng ka ditomoso tsa kgale, kapa ka ditomoso tsa lonya le tsa bobe, e mpe e be ka mahobe a se nang ditomoso, a kgabane le a nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos