Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 5:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke sona sehlabelo sa molato. Motho eo efela o ne a sitetswe Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ke nyehelo e tlosang molato. Ruri motho eo o sitetswe Morena.”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 5:19
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Shekania, mora Jehiele, wa bara ba Elame, o bua, a re ho Esdrase: Re ikgantsheditse Modimo wa rona, re nyetse basadi basele ba ditjhaba tsa lefatshe lena; leha ho le jwalo, tshepo e sa le teng bakeng sa Iseraele hodima taba eo.


Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.


Hape, mathuleng a monyako, ho ne ho na le tafole tse pedi ka kwano, le tafole tse pedi ka kwana, ho hlabela ho tsona ditjheso le mahlabelo a sebe le a melato.


Ekare ha e mong a etsa sebe, a sa tsebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Jehova, ka ho etsa tse sa tshwanelang ho etswa, o molato, mme o tla jara molato wa hae.


O tla tlisa ho moprista pheleu e se nang sekodi, e nkilweng mohlapeng wa hae ka tekanyetso ya hao, e be sehlabelo sa molato. Moprista o tla mo etsetsa pheko ka baka la molato wa hae, oo a o entseng a sa tsebe, mme o tla tshwarelwa.


Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Na motho ha a tshabe ho thetsa Modimo, haele moo lona le nthetsa? Mme le re: Re o thetsa ho eng? Ke karolong ya leshome ya tseo le di ruileng le seabong.


Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos