Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 27:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha o lekanyetsa e motona ya dilemo tse tlohang mashomeng a mabedi, ho isa mashomeng a tsheletseng, tekanyetso ya hao e tla ba dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano, ka ho ya ka shekele ya sehalalelo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 monna eo dilemo tsa hae di leng dipakeng tsa dilemo tse mashome a mabedi le mashome a tsheletseng, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 27:3
10 Referencias Cruzadas  

Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova,


Bohle ba balwang ba tla ntsha hona: ba ntshe halofo ya shekele (ka ho ya ka shekele ya sehalalelo, e leng shekele e nang le gera tse mashome a mabedi), ke re, halofo ya shekele, e be kabelo e abelwang Jehova.


Haele kgauta kaofela e keneng mosebetsing, e leng mosebetsi wohle wa sehalalelo, ke ena: Kgauta ya kabelo e tsokoditsweng ya eba talenta tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong tse nang le dishekele tse makgolo a supileng a mashome a mararo, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo.


Ekare ha e le ntlo e kgethelwang Jehova, moprista o tla e lekanyetsa kamoo e leng kateng, ka botle, kapa ka bobe ba yona, mme ho tla uwa ka tekanyetso ya moprista.


Ditekanyetso tsa hao kaofela di tla etswa ka dishekele tsa sehalalelo: gera tse mashome a mabedi di etsa shekele e le ngwe.


haele mosadi, o tla mo lekanyetsa ka dishekele tsa silefera tse mashome a mararo.


Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.


O tla tlisetsa Jehova sehlabelo sa hae sa molato, e leng pheleu e sa neng sekodi e kgethilweng mohlapeng, ka tekanyetso ya hao e le sehlabelo sa molato se tlisetswang moprista.


O tla di lopollisa, ha di se di na le kgwedi e le nngwe, ka ho lekanya ha hao le ka theko ya dishekele tse hlano tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e etsang digera tse mashome a mabedi.


o di nke ka tjhelete ya sehalalelo, e leng ka shekele ya digera tse mashome a mabedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos