Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ke tla le amoha dijo tsa lona, mme le tla apehelwa bohobe ka seboping se le seng ke basadi ba leshome. Ba tla le methela bohobe; le tla ja, empa le ke ke la kgora.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:26
17 Referencias Cruzadas  

Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.


Yaba o biletsa naha eo tlala, a honyetsa kotlo yohle ya bohobe.


Hobane, bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o ya tlosa Jerusalema le Juda matla le kotlo yohle, kotlo yohle ya bohobe, le kotlo yohle ya metsi;


Ditema tse leshome tsa merara di tla bea bathe e le nngwe, homere ya hlanyelo e bee efa e le nngwe.


Lefatshe le tjha ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, mme setjhaba se ba jwaloka dipatsi tse entsweng dijo tsa mollo; ha ho motho ya tla hauhela ngwanabo.


Ba lobela ka ho le letona, leha ho le jwalo ba shwa ke tlala; ba ja ka ho le letshehadi, empa ha ba ke ba kgora, e mong le e mong o ja nama ya letsoho la hae;


Leha ba ka itima dijo, nke ke ka utlwa mehoweletso ya bona; leha ba ka hlahisa ditjheso leha e le dinyehelo, nke ke ka kgahliswa ke tsona; ke mpa ke tla ba fedisa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu.


Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,


Dijo tseo o di jang, o tlo di je ka boima ba dishekele tse mashome a mabedi ka letsatsi; o tle o di je ka nako e itseng le ka nako e itseng.


A ba a re ho nna: Mora motho, bona, ke se ke tla roba kotlo ya bohobe Jerusalema; ba tla ja bohobe bo lekantsweng, ba bo je ka mahlomola; le wona metsi ba a nwe a lekantswe, ba a nwe ka makalo,


hobane ba tla hloka bohobe le metsi. Ba tla dula ba se na ho tshediseha, ba be ba fele bokgopong ba bona.


Ke mohla ke tla ba romela metsu e mebe ya tlala e timetsang, eo ke tla e romela ho le timetsa ka yona; le mohla ke tla le bokellela tlala, ke robe le kotlo ya bohobe,


Ba tla ja, empa ba ke ke ba kgora; ba tla feba, empa ba ke ke ba ata, kahobane ba tlohetse ho hlokomela Jehova.


Ekare ha le sa nkutlwe ka tseo, le ntse le ntshetakela,


Wena, o tla ja, empa o ke ke wa kgora, mme tlala e tla dula maleng a hao; o tla re o a balehisa, empa o ke ke wa pholosa, mme seo o ka se pholosang ke tla se neela lerumo!


le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos