Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 24:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka Disabatha tsohle o tla hlahlamanya mahobe ao pela Jehova kamehla, bakeng sa bana ba Iseraele, e be pontsho ya selekane se sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ka letsatsi le leng le le leng la Sabatha, Arone o tla bea bohobe bona kapele ho Morena kamehla, bo etswa ho bana ba Iseraele, e le selekane sa mehla yohle.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 24:8
9 Referencias Cruzadas  

le ho bona mahobe a pontsha, le lefi la phofo ya dinyehelo, le maqebekwane a se nang ditomoso, le tse phehwang paneng, le tse beswang, le ditekanyo tsa boholo le tsa bongata.


Banababo bona ba bang, ho Bakehathe, ba ne ba baballa mahobe a pontsha, ba a lokisa ka Sabatha e nngwe le e nngwe.


ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.


Bona, ke rerile ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, ke tle ke mo kgethele yona, ke mo tjhesetse dibano tse nkgang hamonate ho yona, le ho mmeela kamehla mahobe a pontsha le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le tsa Disabatha, le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo e leng tshwanelo ya Iseraele kateng, ka ho sa feleng.


ho tle ho batlwe mahobe a pontsha, le nyehelo e sa feleng, le sehlabelo sa setjheso sa disabbatha tsohle, le sa dikgwedi ha di thwasa, le sa mekete, le dintho tse halalelang, le mahlabelo a sebe a etsetswang pheko ya Baiseraele, le mesebetsi yohle e emeng ya ntlo ya Modimo wa rona.


O tla bea mahobe a pontsha tafoleng a nne a be teng pela ka kamehla.


Hodima tafole ya mahobe a pontsha, ba tla ala lesela la purepera; ba tla bea hodima yona mekekana, le dinwelo, le merifi, le dipitsa tsa ditshelo; bohobe bo bewe hodima yona kamehla.


Tsatsing leo, e mong wa bahlanka ba Saule o ne a le teng a thibetswe pela Jehova, bitso la hae e le Doege, Moedomo, e le moholo wa badisa ba Saule.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos