Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 24:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O tla a hlahlamanya ka ditha tse pedi tafoleng ya kgauta e tshekilweng, pela Jehova; a be ka botshelela setheng se seng le se seng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 O tla di bea ka mela e mmedi hodima tafole ya kgauta e hlwekileng, kapele ho Morena, mola ka mong o be le dikuku tse tsheletseng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 24:6
13 Referencias Cruzadas  

Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Jehova, e le aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta ya mahobe a pontsha;


ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.


Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo jwalo, le aletare ya kgauta, le ditafole tsa mahobe a pontsha,


ho tle ho batlwe mahobe a pontsha, le nyehelo e sa feleng, le sehlabelo sa setjheso sa disabbatha tsohle, le sa dikgwedi ha di thwasa, le sa mekete, le dintho tse halalelang, le mahlabelo a sebe a etsetswang pheko ya Baiseraele, le mesebetsi yohle e emeng ya ntlo ya Modimo wa rona.


Ra laola ka lotho bakeng sa kabelo ya dipatsi, rona, le baprista, le Balevi, le ba bang ba setjhaba, hore, ka ho ya ka matlo a bontata rona, di tliswe tlung ya Modimo wa rona, ka dinako tse beilweng, ka dilemo tsohle, ho tla beswa aletareng ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo ho ngodilweng kateng, molaong;


O tla bea mahobe a pontsha tafoleng a nne a be teng pela ka kamehla.


le tafole, le mesebetsi yohle ya yona, le mahobe a pontsha;


e nang le bophahamo bo tswe tse tharo, le bolelele bo tswe tse pedi; e ne e na le dintlha tsa yona; boleleleng ba yona le mahlakoreng e ne e le ya sefate. Yaba o re ho nna: Ena ke tafole e pela Jehova.


Tsohle di etswe ka tshwanelo le ka molao.


Hobane mohla tabernakele e emiswang, ho ne ho etswe sebaka sa pele, moo ho beilweng kandelare, le tafole, le mahobe a pontsha, mme baka seo se ne se bitswa sehalalelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos