Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 24:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 ya tlang ho nyefola lebitso la Jehova, o tla bolawa; o tla tlepetswa ke phutheho kaofela. Moditjhaba, leha e le ya tswaletsweng hae, ha a ka nyefola lebitso la Jehova, o tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 mme ya nyefolang lebitso la Morena, ruri o tla bolawa. Setjhaba sohle se tla mo tlepetsa ka majwe e le kannete. Motho e ka ba mojaki kapa letswallwa la naha, ha a nyefola lebitso la Morena o tla bolawa.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 24:16
19 Referencias Cruzadas  

Davida a tloha, a ena le setjhaba sohle seo a nang le sona, a ya Baale-Juda, ho lata areka ya Modimo teng, eo lebitso la Jehova wa makgotla ya dutseng pakeng tsa dikerubime le bitswang ho yona.


hobane bao e leng dira ho wena, ba o bolela hampe, ba ntse ba tlaela ka lebitso la hao.


Oho Modimo, sera se tla re soma ho isa kae? A sera se tla nyefola lebitso la hao kamehla na?


Hopola hoba sera se nyefotse Jehova, le hoba setjhaba se hlanyang se rohakile lebitso la hao.


O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.


O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.


E re ho bana ba Iseraele: Leha e ka ba mang ho bana ba Iseraele, le ho baditjhaba ba aheletseng hara Iseraele, ya tlang ho ntshetsa Moloke e mong wa bana ba hae, o tla bolawa: baahi ba naha ba tla mo tlepetsa ka majwe.


Ke moo ke reng ho lona: Batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le e nngwe; empa nyefolo e nyefotseng Moya, batho ba ke ke ba e tshwarelwa.


Ho jwang ho lona? Ba araba, ba re. O tshwanelwa ke lefu.


Le utlwile nyefolo. Lona, le reng? Bohle ba mo tswa, ba re, o tshwanelwa ke lefu.


Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.


Masinagogeng wohle hangata ka ba tsohela matla, ka ba otla, ka ba qophella hore ba nyefole; mme kahobane ke ne ke ba halefetse haholoholo, ka ba hlorisa le ho isa metseng ya ditjhaba.


Eitse hobane ba mo kgarameletse kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe; mme dipaki tsa bea diaparo tsa tsona maotong a mohlankana ya bitswang Saule.


nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.


Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle leo le bitswang ka lona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos