Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 23:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, mohla le kotulang masimo, le tla tlisa ho moprista ngata ya dilopotsiya tsa kotulo ya lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng eo ke le naeng yona, mme le kotula tseo e di behileng, le tla tlisetsa moprista ngata ya dilopotsiya tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 23:10
22 Referencias Cruzadas  

O se ke wa dieha ho ntsha lekgetho la seo modiko wa hao o tletseng sona, le la se rothang sehatelong sa hao. O tlo o nnee letsibolo la bara ba hao.


O boloke mokete wa kotulo, e leng dilopotsiya tsa mosebetsi wa hao, tsa tseo o nong o di jadile masimong: o boloke le mokete wa kotulo, ha ho fela selemo, e leng mohla o bokellang mofufutso wa mosebetsi wa hao masimong.


O tlo o tlise tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa tse bewang ke lefatshe la hao, tsa ho qala. O se ke wa apeha potsanyane ka lebese la mma yona.


O etse mokete wa dibeke, e leng wa dilopotsiya tsa kotulo ya koro, le mokete wa kotulo, ha selemo se fela.


O tla tlisa tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa dithakangwaha tsa masimo a hao. O se ke wa hladiya potsanyane ka lebese la mma yona.


Dilopotsiya tsa ditholwana tsa pele tsa ntho tsohle, le dikabelo tsohle tseo le di abelang Modimo, e tla ba tsa baprista; le tla nea baprista le hlama ya lona ya pele, hore le tlise lehlohonolo matlung a lona.


Etlare hobane le kene naheng ya Kanana eo ke le neang yona, le e rue, ha nka otla ntlo efe le efe ya naha eo le tlang ho e rua ka lefu la lepera,


O tla tsokoletsa ngata ka nqa tsohle pela Jehova, e tle e dumellwe; moprista o tla e tsokotsa jwalo, ka le hlahlamang Sabatha.


Le tla tlisa mahobe a mabedi a tswang matlung a lona, a tlang ho tsokotswa, e le mahobe a entsweng ka karolo tse pedi tsa boshome tsa lefi la phofo, a phehilwe, a lomositswe; ke dilopotsiya tsa Jehova.


Jehova a boela a bua le Moshe, a re:


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare ha le kene lefatsheng la kaho ya lona, leo ke tlang ho le nea lona,


Ka tsatsi la dithakangwaha, ha le hlahisetsa Jehova nyehelo e ntja, e leng ka mokete wa lona wa diveke, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.


Thakangwaha ha di halalela, mesaletsa le yona e jwalo; mme motso ha o halalela, makala le wona a jwalo.


O tla bala diveke tse supileng, o qale ho bala diveke tse supileng hona ka nako eo o kenyang sekele korong ya hao ka yona;


Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.


Ba jereng areka ha ba fihla Jordane, mme maoto a baprista ba jereng areka ha a qala ho kena metsing, (Jordane e ne e tlale, e tlole le mabopo wohle a yona ka nako yohle eo ho kotulwang ka yona)


Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.


Ke hona ho kgutla ha Naomi, ba ena le Ruthe wa Moabe, ngwetsi ya hae, ha ba etswa naheng ya Moabe. Ba fihla Bethlehema, batho ha ba qala ho hela harese.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos