Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 23:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova a boela a bua le Moshe, a re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Morena a bua ho Moshe, a re:

Ver Capítulo Copiar




Levitike 23:1
13 Referencias Cruzadas  

le ho hlahisetsa Jehova ditjheso tsohle, mohla Disabatha, le dikgwedi tse thwasang, le mekete, ka palo ya tsona, ka ho ya ka mokgwa wa ntho tseo, ka ho sa feleng pela Modimo.


Bona, ke rerile ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, ke tle ke mo kgethele yona, ke mo tjhesetse dibano tse nkgang hamonate ho yona, le ho mmeela kamehla mahobe a pontsha le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le tsa Disabatha, le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo e leng tshwanelo ya Iseraele kateng, ka ho sa feleng.


ka tsatsi le leng le le leng a nna a hlabela ho yona tse laetsweng ke Moshe, tsa Disabatha, le tsa kgwedi tse thwasang, le tsa mekete e beilweng, hararo ka selemo, e leng mokete wa Mahobe a se nang ditomoso, le mokete wa Diveke, le mokete wa Metlotlwane.


Le se ke la hlola le ntlisetsa mahlabelo a lefeela; dibano tsa lona ke manyala ho nna, le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le ya Disabatha, le ya dipitso tsa ho phutheha; diphutheho tsa lona tse mahlonoko tse hlokang borapedi di a nkgathatsa.


Dinyeweng ba tla ema, ba ahlole ka dikahlolo tsa ka, ba ahlole jwalo; meketeng ba tla boloka melao ya ka le dikomelo tsa ka, ba halaletse Disabatha tsa ka.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


Meketeng le diphuthehong tse mnahlonoko, nyehelo e tla ba efa ka poho, le efa ka pheleu; haele dikonyana, a ntshe seo a se ratang; ole yona ho ntshuwe hine e le nngwe ka efa.


ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ke tle ke be Modimo wa lona. Ke nna Jehova.


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Mekete ya Jehova eo le tla e mema, e tla ba diphutheho tse halalelang. Ke ena mekete ya ka:


Moshe a bolella bana ba Iseraele mekete ya Jehova ka mokgwa o jwalo.


ha le rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa ho phetha maikano, kapa sa boithatelo, kapa le rata ho hlahisetsa Jehova monko o monate meketeng ya lona e kgethehileng, ka makgomo kapa ka manku a lona,


Le hlokomela matsatsi, le dikgwedi, le dinako, le dilemo.


Ka baka leo, motho a se ke a le nyatsa tabeng ya ho ja le ya ho nwa, leha e le tabeng ya mekete, le ya dikgwedi tse ntjha, le ya disabatha,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos