Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 22:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ere ho bona: Mang le mang wa ditloholo tsa lona, leha e le wa leloko la lona, ya atamelang dintho tse halalelang, tse kgethelwang Jehova ke bana ba Iseraele, a le sesila, motho eo o tla tloswa pela ka. Ke nna Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “Ere ho bona: ‘Monna ofe kapa ofe wa ditloholo tsa hao, melokong yohle ya tsona, ya ka atamelang dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba di kgethelang Morena, monna eo a ntse a silafetse, o tla lelekwa kapele ho nna. Ke nna Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 22:3
10 Referencias Cruzadas  

Ka re ho bona: Le kgethetswe Jehova; dipitsa le tsona di kgethehile; ha e le silefera le kgauta, ke mpho e etseditsweng Jehova, Modimo wa bontata lona, ka ho rata.


O tla ntsebisa tsela ya bophelo. Kgora ya thabo e teng pela hao, le dinyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.


O se ke wa ntelekisa pela sefahleho sa hao, o se ke wa nkamoha moya wa hao o halalelang!


Mang le mang ya ka etsang ditlolo tse jwalo, kapa ya ka tlotsang moditjhaba ka tsona, a kgaolwe tjhabeng sa habo.


Bolella Aarone le bara ba hae hore, ba itemohele bakeng sa dintho tse halalelang, tseo ke di kgethelwang ke bana ba Iseraele, mme ba se ke ba hlompholla lebitso la ka le halalelang. Ke nna Jehova.


Ya amang setopo, e leng mmele wa motho ya shweleng, ha a sa itlhatswe, o silafatsa tabernakele ya Jehova; o tla tloswa hara Iseraele. Erekaha metsi a hlatsuo a sa ka a tshelwa hodima hae, e ntse e le ya sa hlwekang, mme ho se hlweke ha hae ho sa ntse ho le hodima hae.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos