Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 20:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ekare ha mosadi a ka emela phoofolo hore a fejwe ke yona, o tla bolaya mosadi eo le yona phoofolo; mosadi o tla bolawa le yona phoofolo, mme madi a bona a tla ba hodima hae le hodima yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 “ ‘Haeba mosadi a ipeketlela phoofolo hore e mo robale, mosadi eo o tla bolawa, le phoofolo eo e tla bolawa. Ruri mosadi eo le phoofolo eo ba bolawe. Ba tla bolawa ka baka la molato wa bona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 20:16
8 Referencias Cruzadas  

Ho se be motho ya e amang ka letsoho, a mpe a tlepetswe ka majwe, mohlomong a bolawe ka metsu; kapa e leng phoofolo, kapa e leng motho a ke ke a phela. Etlare ha terompeta e lla, ba tle ba tle thabeng.


Ekare ha kgomo e hlaba monna, kapa mosadi, mme eo a eshwa, kgomo e tla tlepetswa ka majwe, mme nama ya yona e ke ke ya jewa; haele monga kgomo, yena ha a na molato.


Ha kgomo e hlabile lekgoba la monna kapa la mosadi, monga lona o tla lefelwa ka dishekele tse mashome a mararo tsa silefera, kgomo yona e tlepetswe.


Ya robalang le phoofolo, a bolawe.


O se ke wa kopano le phoofolo ho itshela sesila ka yona. Mosadi a se ke a emela phoofolo ho robala le yona: ke manyala a tshabehang.


Ekare ha e mong a robala le phoofolo, o tla bolawa, le yona phoofolo le tla e bolaya.


Ekare ha e mong a inkela kgaitsedi ya hae, moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, ho mo etsa mosadi, mme monna a bona bofeela ba kgaitsedi ya hae, le mosadi a bona bofeela ba kgaitsedie, ke ketso e manyala; ba tla tloswa hara bana ba setjhaba sa habo; monna o apotse bofeela ba kgaitsedie, o tla jara sebe sa hae.


Hobane ba ne ba imelwa ke taelo e itseng: Ekasita e le phoofolo ha e ka ama thaba, e bolawe ka majwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos