Moruti, Moshe o re ngoletse, a re: Ekare ha moholwane wa mmona a shwele, mme a siile mosadi, a mpa a sa ka a siya bana, moenae a nke mosadi wa hae, a hlahisetse moholwane wa hae bana.
Hobane Heroda eo o ne a rometse batho ho tshwara Johanne, mme o ne a mo tlamile teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo; hobane a ne a mo nyetse.
Empa, eitse hoba Heroda moteterareke a kgalemelwe ke Johanne, bakeng sa Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo, le bakeng sa tsohle tse mpe tseo a neng a di entse,
Etlere ha bana ba motho a le mong ba ahile hammoho, mme e mong wa bona a eshwa a se na mora, mosadi wa mofu a se ke a nyalwa kantle ke monna osele, empa ngwanabo monna wa hae a tle ho yena, a mo nke ho mo etsa mosadi wa hae, mme a etse ho yena se tshwanelang ngwanabo monna ya shweleng.