Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 17:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Moprista o tla tshollela madi a yona aletareng ya Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme o tla tjhesa mafura, e be monko o monate ho Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Moprista o tla foka aletare ya Morena, e monyakong wa Tente ya Morena, ka madi, mme a tjhese mafura e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 17:6
12 Referencias Cruzadas  

O ntoo nka mafura wohle a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona; o di tjheseletse aletareng.


mme o tjheseletse pheleu kaofela aletareng; ke setjheso sa Jehova se monko o monate, ke sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


Haele baprista ba Balevi, bara ba Tsadoke, ba bolokileng tseo ke di beileng sehalalelong sa ka, ha bana ba Iseraele ba ne ba nkgelohile, bona ba tla atamela pela ka ho etsa tshebeletso ya ka, ba eme pela sefahleho sa ka ho bea mafura le madi pela ka: ho bolela Morena Jehova.


hore bana ba Iseraele, bakeng sa ho hlabela dintho tsa bona naheng, ba di tlise ho moprista pela Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme ba di hlahisetse Jehova, e be mahlabelo a teboho.


Moprista o tla di tjhesa aletareng: ke sejo sa sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


o tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya yona, mme o tla e hlaba pela tente ya pokano; bara ba Aarone ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.


Moprista o tla tjhesa mafura ao kaofela aletareng: mafura kaofela ke sejo sa sehlabelo sa setjheso se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya kgomo eo ya sehlabelo sa hae, o tla e hlaba monyako wa tente ya pokano; baprista, bara ba Aarone, ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.


Bara ba Aarone ba tla a tjhesetsa aletareng, hodima setjheso se seng se leng hodima patsi e beilweng mollong, e be sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


a bee letsoho la hae hodima hlooho ya sehlabelo seo sa hae, a se hlabe pela tente ya pokano, mme bara ba Aarone ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.


O tla nka mafura a yona kaofela, jwalokaha ho nkwa mafura a sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla a tjhese aletareng, e be monko o monate ho Jehova; moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.


Empa o se ke wa lopollisa letsibolo la kgomo, leha e le letsibolo la nku, leha e le letsibolo la podi, hobane ke dintho tse kgethehileng. O tla tshollela madi a tsona aletareng, o tjhese mafura a tsona; ke sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos