Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 17:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ekare ha motho hara bana ba Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara bona, a tshwara phoofolo tsholong, leha e le nonyana ya tse jewang, o tla tsholla madi a yona, a a kwahele ka mobu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 “ ‘Motho ofe wa bana ba Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya tsomang phoofolo kapa nonyana e ka jewang, ha a e bolaile o tla fophisa madi a yona, a a kwahele ka mobu.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 17:13
9 Referencias Cruzadas  

Wena, lefatshe, o se ke wa pata madi a ka! mohoweletso wa ka o se ke wa kgutsa!


Hobane mosadi wa seotswa o fumanehisa motho, a be a sallwe ke sengwathwana sa bohobe feela, mme letekatsi le tsoma ho phela ha motho ya qenehelwang.


Hobane madi a tsholotsweng ke motse oo a teng hara wona, o a beile lefikeng le hlobotseng; ha o a ka wa a tshollela fatshe, ho a apesa ka lerole.


Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Ho se be motho hara lona ya jang madi; le yena moditjhaba ya ikahetseng hara lona, a se ke a ja madi.


Le ke ke la ba la ja madi le hanyenyane, meahong ya lona kaofela; leha e le a dinonyana, leha e le a tse maoto a mane.


Feela, le ke ke la ja madi; o mpe o a tshollele fatshe jwaloka metsi.


o se ke wa a ja, empa o a tshollele fatshe jwaloka metsi.


Feela o se ke wa ja madi; o a tshollele fatshe jwaloka metsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos