Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 17:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara lona, a ka ja madi afe le afe, ke tla tjamela motho eo ya jang madi, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 17:10
25 Referencias Cruzadas  

Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba yona, ke ho re, madi a yona.


a re: Oho Jehova, a nke ke se ke ka etsa hoo; ha ke re, ke madi a banna bao ba ileng, ba tedile ho phela ha bona? Kahoo, a hana ho a nwa. Hoo ha etswa ke bahale bao ba bararo.


Sefahleho sa Jehova se tjamela ba bolotsana ho tlosa ho hopolwa ha bona lefatsheng.


Mang le mang ya ka etsang ditlolo tse jwalo, kapa ya ka tlotsang moditjhaba ka tsona, a kgaolwe tjhabeng sa habo.


Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke retelletsa sefahleho sa ka ho lona, ho senya le ho kgaola Juda kaofela.


Ke tla tonela motho eo mahlo, ke be ke mo timeletse, ke mo etse pontsho le polelo, ke mo kgaole setjhabeng sa ka, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Ke tla ba tonela mahlo; ba tla tswa mollong o mong, mme o mong mollo o tla ba fedisa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova, ha ba mpona ke ba tonetse mahlo.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Le jellela le madi, le emisetsa mahlo a lona ditshwantshong tsa lona, le tsholla madi; mme le re, le tla rua lefatshe lena?


ao ka wona le nnileng la kenya bara ba baditjhaba, bao e leng maqai dipelong le maqai nameng, sehalalelong sa ka ho se silafatsa, e leng ntlo ya ka, ha le ne le hlahisa bohobe ba ka, mafura le madi, hore ba tlole selekane sa ka ka ho ya ka manyala wohle a lona.


Hobane moya wa nama o mading. Ke le neile wona aletareng, a tle a etsetse meya ya lona pheko, hobane ke ka baka la moya madi a ka etsang pheko.


Le se ke la jellela letho le madi. Le se ke la upella, mme le se ke la noha.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Molao ona e tla ba wa kamehla melokong ya lona, kahohle moo le tla aha teng: Le se ke la ja mafura, leha e le madi.


leha ba ya kgolehong, ba qhojwa ke dira tsa bona, le teng ke tla laela lerumo hore le ba bolaye; mme ke tla ba tjamela ho ba etsa hampe, e seng ho ba etsa hantle.


ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.


e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!


Feela, le ke ke la ja madi; o mpe o a tshollele fatshe jwaloka metsi.


Feela o iponele, o se ke wa ja madi: hobane madi ke moya; ha o na ho ja moya hammoho le nama;


Feela o se ke wa ja madi; o a tshollele fatshe jwaloka metsi.


ha le bona, eo e leng ya hataketseng Mora Modimo ka maoto, ya entseng madi a selekane ao a hlatswitsweng ka wona ntho feela, ya nyefotseng Moya wa mohau, yena ho tla lekanngwa hoba o tshwanelwa ke kotlo e fetisang hakakang!


Jwale, setjhaba sa itihela kgapong, sa tshwara dinku le dikgomo le manamane, sa di hlabela fatshe, mme sa di jellela hammoho le madi.


Saule a tsebiswa, ha thwe: Bona, setjhaba se sitelwa Jehova ka ho jellela le madi. A re: Le fela le tlotse; mphikolosetseng lejwe le leholo hona jwale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos