Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 16:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O tla ikapesa ka kojwana e kgethehileng ya lene, a tene mmeleng wa hae borikgwana ba lene, a itlame ka senyepa sa lene, a rwale lesela la lene hloohong; ke tsona diaparo tse kgethehileng, tseo a tlang ho ikapesa ka tsona, ha a se a hlatswitse mmele wa hae metsing.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 O tla apara seaparo se halalelang se fihlang maotong, se entsweng ka lesela la lene, a tene le borikgwe ba lesela la lene, a itlame ka leqhama la lesela la lene, a rwale, le tuku ya lene. Diaparo tsena di a halalela, mme eka kgona a tole ka metsi, a nto di apara.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 16:4
23 Referencias Cruzadas  

O etsetse Aarone, moholwane wa hao, diaparo tse kgethehileng, tsa kganya le tsa khabiso.


O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae pela monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.


Etlare ha ba etla tenteng ya pokano, ba itlhatswe ka metsi, ba tle ba se ke ba eshwa; ba itlhatswe hape, ha ba atamela aletareng ho etsa tshebeletso, ho tjhesa sehlabelo se tjhesetswang Jehova.


O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.


O medile pela hae jwaloka lehlomela, le jwaloka motso o tswang mobung o omeletseng. O ne a se na sebopeho, leha e le bokgabane; re mo tadimile, mme o ne a se na ponahalo eo re neng re ka kgahliswa ke yona.


Leha ba tswela lebaleng le kantle, ke re lebaleng le kantle la setjhaba, ba tla hlobola diaparo tsa bona tseo ba sebetsang ka tsona, ba di bee dikamoreng tse halalelang, ba apare meaparo esele, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka meaparo ya bona.


Yaba ke bona ho etla banna ba tsheletseng ka tsela ya monyako o hodimo, o lebileng nqa leboya, e mong le e mong a ena le sa hae sa ho thuha, mahareng a bona ho ena le monna e mong ya apereng lene, a ena le lenaka la mongodi le tlamilweng lethekeng la hae; ba fihla, ba ema pela aletare ya koporo.


Aarone o tla kena tenteng ya pokano, ho ya hlobola diaparo tsa lene tseo a neng a di apere ha a tla kena sehalalelong, mme a di tlohele teng;


o tla hlatswa mmele wa hae metsing, nqalong e halalelang, mme o tla boela a apare diaparo tsa hae. Hamorao, o tla tswa, a hlabe setjheso sa hae le setjheso sa setjhaba, a iketsetse pheko, a etsetse le setjhaba.


Pheko e tla etswa ke moprista ya tlotsitsweng, ya beilweng ho etsa boprista bakeng sa ntatae, mme o tla apara diaparo tsa lene, diaparo tse kgethehileng.


Moprista o tla apara kojwana ya hae ya lene; o tla apesa bofeela ba hae ka borikgwana ba lene, a ole molora wa setjheso se tjhesitsweng ka mollo aletareng, mme a o bee kathoko ho aletare.


leha e le ka ho latola ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile, kapa ka ho hlapanya ka leshano hodima ntho efe le efe eo ho ka thweng ke sebe;


Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.


athe o iphedisitse ka ho nka sebopeho sa mohlanka, ka ho iketsa ya tshwanang le batho.


a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Mme kahobane bana ba na le kabelo nameng le mading, le yena o ile a ba le kabelo teng jwaloka bona, hore a fedise ka lefu la hae ya nang le mmuso wa lefu, ke ho re, Diabolose,


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos