Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 16:2
26 Referencias Cruzadas  

Hara ntlo, a kgaola sebaka sa ditswe tse mashome a mabedi maboteng, a sireletsa mabota a sona ka dipolanka tsa kedare ho tloha fatshe, a se etsa sehalalelo, e leng sehalaledisiso.


Baprista ba ntoo tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong ya yona, sehalalelong sa ntlo, e leng sehalaledisiso, tlasa mapheo a dikerubime.


baprista ba ba ba sitwa le ho ema tshebetsong ya bona ka baka la leru; hobane ntlo ya Modimo e ne e tletse kganya ya Jehova.


Aarone a tle a etse pheko manakeng a aletare hang ka selemo se seng le se seng; a etse pheko teng hang ka selemo, melokong ya lona, ka madi a sehlabelo sa sebe. E tla ba ntho e kgethehileng haholo ho Jehova.


O tla bea dibano hodima mollo pela Jehova, hore sesi sa dibano se aparele sekwahelo se kwahetseng bopaki, hore a se tlo shwa.


Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, hore pheko e etsetswe bana ba Iseraele, hang ka ngwaha, ka baka la dibe tsa bona. Ha etswa seo Moshe a se laetsweng ke Jehova.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi eo ya bosupa, e tla ba letsatsi la dipheko; le ke le be le phutheho e halalelang ka lona, mme le hlomole meya ya lona, mme le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo.


Le tla hlola le dutse motshehare le bosiu ka matsatsi a supileng, monyako wa tente ya pokano, mme le tla etsa seo Jehova a le laetseng sona, hore le se etse, hore le se tlo shwa; hobane ke laetswe jwalo.


Jehova a re ho Moshe: Busetsa thupa ya Aarone pela areka ya bopaki, e tle e bolokwe teng, e be pontsho ho baikgantshi, o tle o fedise pela ka medumadumo ya bona, hore ba se ke ba timela.


Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


le mpe le ba etsetse hona, ba tle ba phele, mme ba se ke ba eshwa, ha ba tshoba ba atamela sehalaledisiso: Aarone le bara ba hae ba ke ba kene, ba ba laele e mong le e mong mosebetsi wa hae le phahlo ya hae,


Etlare ha phutheho e tloha, Aarone le bara ba hae ba tla kena, ba fanyolle lesira la karohanyo; ba tla kwahela areka ya bopaki ka lona;


Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;


Tshepo eo ho rona e ka ankora ya moya, e tiyang, e sa sisinyeheng, e keneng ka kwana kahare ho lesira;


e seng hore a iketse pheko hangata, jwaloka moprista e moholo ha a kena sehalaledisisong ka selemo se seng le se seng, a tshwere madi ao e seng a hae.


Mme kamora lesira la bobedi, e ne e le sebaka sa tabernakele se bitswang sehalaledisiso;


Kahodimo ho areka eo, ho ne ho le dikerubime tse kganyang, tse okametseng sekwahelo sa serapello. Empa jwale, hase sebaka sa ho bolela ntho tseo ka bonngwe.


Yaba tempele e tlala mosi o tswang kganyeng ya Modimo le matleng a wona, mme ho ne ho se ya ka kenang tempeleng, kotsi tse supileng tsa mangeloi a supileng di eso ho phethehe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos