Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 15:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bolellang bana ba Iseraele, le re ho bona: Monna e mong le e mong ya nang le ho dutla mmeleng wa hae, o sesila ka baka la ho dutla ha hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Buang le bana ba Iseraele, le re ho bona: ‘Ha monna a ena le lero le qhitsang botoneng ba hae, lero leo le na le sesila.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 15:2
15 Referencias Cruzadas  

Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.


O beetse Jakobo bopaki, o beile molao Iseraeleng, oo a laetseng bontata rona hore ba o tsebise bana ba bona,


Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:


Ka baka la ho dutla ha hae o sesila; leha mmele wa hae o keleketlisa ho dutla hoo ha hae, kapa a ho thibela, o sesila.


Setloholo se seng le se seng sa Aarone se nang le lepera, kapa ho dutla, se ke ke sa eja dintho tse kgethehileng, se eso ho hlweke; ho jwalo, le bakeng sa e mong ya amileng motho ya leng sesila ke setopo, kapa ya hlapileng.


Ekare ha motho a ama ntho efe le efe e ditshila ya motho e mong, leha a sa ka a tseba, ha a qala ho tseba, eba o molato.


Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;


Jwale, mosadi ya neng a ntse a kgathatswa ke phallo ya madi, dilemo di se di le leshome le metso e mmedi, a mo hlaha kamorao, a ama qola ya kobo ya hae.


Jwale mosadi ya nang le phallo ya madi, dilemo di se di le leshome le metso e mmedi,


Yaba mosadi ya neng a kula ke phallo ya madi e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ya neng a neile dingaka dintho tsa hae kaofela, a sa ka a fodiswa le ke e nngwe,


O moholo ka nqa tsohle, haholo kahobane dipolelo tsa Modimo di tshepetswe bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos