Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 14:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O tla tliswa ho moprista; moprista o tla tswela kantle ho diahelo, mme moprista o tla mo tadimisisa. Ha a bona hoba molepera o fodile bohlokong ba hae,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Moprista o tla tswela kantle ho diahelo, a mo hlahlobe. Haeba lefu la lepera le fodile,

Ver Capítulo Copiar




Levitike 14:3
14 Referencias Cruzadas  

Yaba o theoha, a itebisa hasupa hara Jordane, ka polelo ya monna wa Modimo; mme nama ya hae ya boela ya eba jwaloka nama ya ngwana e monyenyane, a hla a hlweka.


Eo a re ho mofumahadi wa hae: Hoja monga ka a ka itlhahisa ho moporofeta ya leng Samaria, o ba a ka mo fodisa lepera la hae.


hobane o a hlaba, mme a tlamelle leqeba; o a roba, mme matsoho a hae a fodise.


a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.


Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.


O tla ba le sesila mehleng yohle eo a nang le bohloko boo; o sesila, mme o tla aha a nnotshi: boaho ba hae bo tla ba kantle ho diahelo.


Empa ekare ha moprista a kgutlela, mme a bona hoba letheba ha le a ka la thopohela leboteng la ntlo, ha e se e batehilwe, moprista o tla bolela hore e hlwekile, hobane letheba le fedile.


Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela.


Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.


Le balepera ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, empa ha ho a ka ha eba e mong wa bona ya ntlafaditsweng, haese Naamane wa Mosiria.


Yaba Jesu o araba, a re ho bona: Eyang, le tsebise Johanne tseo le di boneng, le tseo le di utlwileng: difofu di a bona, dihlotsa di a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme Evangeli e bolellwa mafutsana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos