Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Moprista o tla boela a mo tadimisise, mme ha setlapedi se kekile letlalong, moprista o tla mmolela hore o sesila; ke lona lepera.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Moprista o tla boela a mo hlahloba, mme haeba lekgopho lena le bonahala le ntse le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, hona ke lefu la lepera.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 13:8
9 Referencias Cruzadas  

Ekare ha ho hlaha kokobalo letlalong la mmele wa motho, kapa seso, kapa setlapedi se sesweu, se batlang ho tshwana le leqeba la lepera letlalong la mmele wa hae, o tla iswa ho moprista Aarone, leha e le ho e mong wa baprista, bara ba hae.


Moprista o tla tadimisisa leqeba letlalong la mmele wa hae; ekare ha mohwete wa leqeba o sweufetse, mme leqeba le phobetse ho feta letlalo la mmele wa hae, ke bohloko ba lepera; moprista ya mmoneng, o tla mmolela hoba o sesila.


Empa ekare ha a ne a se a itlhahisitse ho moprista hore a bolelwe hoba o hlwekile, mme setlapedi se boetse se kekile letlalong, o tla boela a itlhahise ho moprista.


Ekare ha motho a jewa ke bohloko ba lepera, o tla iswa ho moprista.


Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;


Ha o na kabelo leha e le tokelo tabeng ena; hobane pelo ya hao ha e a loka pela Modimo.


ba ba tshepisa tokoloho, athe bona ke bahlanka ba ho bola; hobane seo motho a hlolwang ke sona, o fetoha mofo wa sona le hona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos