Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 13:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Moprista o tla mo tadimisisa, mme ha a fihlela hoba letheba ke lekgopho le bosweu bo bofubetswana lephotong le boreledi la hae, kapa phatleng ya hae e kulehileng, le tshwanang le lepera le letlalong la mmele,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 Moprista o tla mo hlahloba, mme haeba hodima lefatla le hloohong kapa phatleng, ho ena le ditlapedi tse bofubedu bo bosweu, tse tshwanang le tsa lepera le bang teng mmeleng,

Ver Capítulo Copiar




Levitike 13:43
6 Referencias Cruzadas  

ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.


Baprista ba yona ba tlola molao wa ka, ba silafatsa dihalalelo tsa ka, ha ba kgethe se halalelang ho se ditshila, ha ba kgethahanye motho ya sa hlwekang ho motho ya hlwekileng: ba pompatsa mahlo a bona hore a se ke a bona Disabatha tsa ka, mme ke hlomphollwa hara bona.


hore le tle le tsebe ho lemoha se kgethehileng, le se sa kgethehang, le se sa hlwekang, le se hlwekileng;


mme ho hlaha kokobalo e tshweu bakeng sa sona, kapa letheba le bosweu bo bofubetswana, mobabi o tla tshwanela ho itlhahisa ho moprista.


Empa ekare ha lephotong le boreledi la hae, leha e le phatleng e kulehileng ya hae, letheba le bosweu bo bofubetswana le le teng, ke lekgopho la lepera lephotong la hae le boreledi, leha e le phatleng ya hae e kulehileng.


ke molepera, o na le sesila; moprista a ke ke a lesa ho mmolela hore o sesila; leqeba la hae le hloohong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos