Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 12:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha a ka hloka konyana, a nke maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la setjheso, le leng e be la sehlabelo sa sebe. Moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a hlweke.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “ ‘Empa ha a ka hloka konyana, o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la nyehelo ya setjheso, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla hlweka hape.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 12:8
14 Referencias Cruzadas  

Ha sehlabelo sa hae seo a etsetsang Jehova setjheso ka sona, e le sa dinonyana, o tla hlahisa sehlabelo sa maebakgorwana, leha e le sa madinyane a maeba.


ho moprista ya tlang ho di hlahisetsa Jehova, mme o tla mo etsetsa pheko, hore a tle a hlatswehe tsholohong ya madi a hae. Ke wona molao wa mosadi ya belehileng ngwana e motona, kapa e motshehadi.


Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:


Empa ekare haele mofumanehi, mme a sitwa ho hlahisa ntho tseo, o tla nka konyana e tona e le nngwe, e be sehlabelo sa molato, mme o tla e hlahisa ka tsokotso, e be pheko ya hae; a tlise le karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo, le loge ya ole,


le maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, kamoo a ka ntshang kateng, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla inkela maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a maeba a mabedi; o tla itlhahisa pela Jehova monyako wa tente ya pokano, mme o tla a neela moprista ya tlang ho a hlahisa;


le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso; moprista a mo etsetse pheko jwalo pela Jehova, ka baka la ho dutla ha hae.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla inkela maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a maeba a mabedi, ao a tlang ho a hlahisa ho moprista monyako wa tente ya pokano.


O tla tjhesa mafura kaofela a podi aletareng, jwaloka mafura a sehlabelo sa teboho; moprista o tla etsetsa motho eo pheko ya sebe sa hae jwalo, a tle a tshwarelwe.


Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.


Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.


Jesu a kena tempeleng ya Modimo; a lelekela ntle bohle ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos