Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 11:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Le se ke la ja nama ya tsona, leha e le ho ama ditopo tse shweleng tsa tsona; di tla ba ditshila ho lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Le se ke la ja nama ya tsona, le se ke la ama le dififi tsa tsona; ho lona ha di a hlweka.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 11:8
22 Referencias Cruzadas  

Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!


Ba ke ke ba hlola lefatsheng la Jehova; Efraime o tla kgutlela Egepeta, lefatsheng la Assiria ba tla ja tse ditshila.


le kolobe, hobane leha e na le tlhako e arohaneng, le dikgola tse pedi, ha e busolose; e tla ba sesila ho lona.


Haele tse utlwang tse ka metsing, tseo le ka di jang, ke kaofela ha tse nang le maphewana a ho hlapa le makgakgapha; tse jwalo tse ka metsing, le mawatleng, le dinokeng, e tla ba dijo ho lona;


Leha motho a amile, a sa tsebe, ntho e sa hlwekang, jwaloka setopo sa phoofolo e sa hlwekang, e le setopo sa phoofolo ya naha kapa sa e ruilweng, kapa setopo sa sehahabi, o itshilafaditse, o molato.


Se kenang ka hanong hase sona se silafatsang motho, empa se tswang hanong ke sona se silafatsang motho.


ke tsona dintho tse silafatsang motho; empa haele ho ja ka matsoho a sa hatlelwang, ha ho silafatse motho.


Ha ho letho le kantle ho motho le ka tsebang ho mo silafatsa, ha le kena ka ho yena; empa tse tswang ka ho motho, ke tsona tse mo silafatsang.


A re ho bona: Hleka le lona le sa hloka kelello na? Ha le utlwisise keng hobane tsohle tse kantle, ha di kena ka ho motho, di ke ke tsa tseba ho mo silafatsa?


Ba ne ba bone barutuwa ba hae ba bang ba eja bohobe ka matsoho a mabe, ke ho re, a sa kang a hatlelwa.


A re ho bona: Le a tseba hobane motho wa Mojuda ha a dumellwe ho kopana le moditjhaba, leha e le ho kena ha hae; empa Modimo o nkeleditse hobane ke se ke ka re, motho e mong o ditshila, leha e le ho re, ha a hlweka.


e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!


Ho hotle hore ho se ke ha jewa nama, ho se ke ha nowa veine, ho se ke ha etswa letho, leha le le leng, le ka kgopisang ngwaneno, leha e le ho mo kgolokgothehisa, leha e le ho mo fokodisa.


Dijo hase ntho eo re ka kgahlisang Modimo ka yona, hobane leha re eja, ha re ekeletswe letho pela wona; leha re sa je, ha re haellwe ke letho.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


mme le se ke la ba le kabelo mesebetsing e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse:


Ka baka leo, le se ke la ba le taba le bona.


Ka baka leo, motho a se ke a le nyatsa tabeng ya ho ja le ya ho nwa, leha e le tabeng ya mekete, le ya dikgwedi tse ntjha, le ya disabatha,


e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos