Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 11:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

47 oo le tlang ho rutwa ka wona ho kgetha se hlwekileng le se sa hlwekang, phoofolo e jewang le e sa jeweng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

47 Le kgetholle tse sa hlwekang ho tse hlwekileng, le diphoofolo tse phelang, tse ka jewang le tse ke keng tsa jewa.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 11:47
10 Referencias Cruzadas  

Ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng o nke ka supa, e tona le e tshehadi ya yona, le ho diphoofolo tse sa hlwekang o nke ka pedi, e tona le e tshehadi ya yona.


Baprista ba yona ba tlola molao wa ka, ba silafatsa dihalalelo tsa ka, ha ba kgethe se halalelang ho se ditshila, ha ba kgethahanye motho ya sa hlwekang ho motho ya hlwekileng: ba pompatsa mahlo a bona hore a se ke a bona Disabatha tsa ka, mme ke hlomphollwa hara bona.


Ba tla ruta setjhaba sa ka ho kgethahanya se halalelang le se sa halalelang, ba se lemose ho kgetha se sa hlwekang ho se hlwekileng.


Jwale, Daniele a rera pelong ya hae hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse hlabosang tsa morena, leha e le ka veine e nowang ke yena, mme a kopa ho hlooho ya matona hore a leswe hore a se ke a itshela ditshila.


hore le tle le tsebe ho lemoha se kgethehileng, le se sa kgethehang, le se sa hlwekang, le se hlwekileng;


Ke wona molao o beilweng hodima diphoofolo le dinonyana, le tse utlwang kaofela, tse nyekenyehang metsing, le tse hahabang lefatsheng kaofela,


Jehova a bua le Moshe, a re:


Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ya lokileng le ya kgopo kateng, ya sebeletsang Modimo le ya sa o sebeletseng!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos