Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Le se ke la tloha monyako wa tente ya pokano, hore le tle le se ke la shwa; etswe ole ya tlolo e dutse hodima lona. Ba etsa ka polelo ya Moshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Le se ke la tswa monyakong wa Tente ya Morena, esere la shwa, hobane ole ya Morena e tlotsang e hodima dihlooho tsa lona.” Ba etsa kamoo Moshe a boletseng kateng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:7
12 Referencias Cruzadas  

o ntoo apesa Aarone, moholwane wa hao, hammoho le bara ba hae. O tla ba tlotsa, o ba hlwekise, o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


O tla nka ole ya setlolo, o e tshollele hloohong ya hae, mme o mo tlotse jwalo.


O tlotse Aarone le bara ba hae, mme o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


Jehova a bua le Aarone, a re:


A se ke a tswa sehalalelong, mme a se ke a hlompholla sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane ole ya tlolo ya Modimo wa hae ke mofapahlooho hloohong ya hae. Ke nna Jehova.


A tshollela hloohong ya Aarone ole ya tlolo, a mo tlotsa, a tle a kgethwe.


Moshe a nka ole ya tlolo, le madi a neng a le aletareng, a foka Aarone le diaparo tsa hae ka wona, hammoho le bara ba hae, le diaparo tsa bona; a kgetha jwalo Aarone le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bara ba hae.


Jesu a re ho yena: Lesa bafu ba epele bafu ba bona; haele wena, eya bolela mmuso wa Modimo.


kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.


Mme ya re tiisang le lona ho Kreste, ya re tlotsitseng, ke Modimo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos