Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba Aarone o re ho Moshe: Bona, kajeno ba hlahisitse sehlabelo sa bona sa sebe le setjheso sa bona pela Jehova, mme haele moo ke hlahetswe ke taba tse itseng, na kajeno ke be nka ja jwang sehlabelo sa sebe? Na e ne e tla ba ntho e ntle mahlong a Jehova na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Arone a re ho Moshe: “Bona, kajeno ba nyeheletse Morena ka nyehelo ya bona e tlosang sebe, le ka nyehelo ya bona ya setjheso, mme tsena ke tse etsahetseng ho nna. Haeba nka ja nyehelo e tlosang sebe kajeno, na hoo ho tla thabisa Morena?”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:19
17 Referencias Cruzadas  

Ke etsang ka mahlabelo a lona a mangatangata, ho botsa Jehova? Ke kgathetse ke ditjheso tsa dipheleu le ke mafura a manamane a nonneng; ha ke kgahliswe ke madi a dikgomo, le a dinku, le a diphooko.


Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.


Leha ba ka itima dijo, nke ke ka utlwa mehoweletso ya bona; leha ba ka hlahisa ditjheso leha e le dinyehelo, nke ke ka kgahliswa ke tsona; ke mpa ke tla ba fedisa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu.


Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele.


Ha ba sa tla tshella Jehova veine, mahlabelo a bona ha a sa tla mo kgahla, bohobe ba bona bo tla ba ho bona jwaloka bohobe ba bofifi, bohle ba bo jang ba fetohe ditshila, hobane bohobe ba bona e tla ba ba bona feela, bo ke ke ba kena tlung ya Jehova.


Ha Moshe a utlwa hoo, a ba kgotso.


A ntoo hlaba setjheso; bara ba Aarone ba mo tlisetsa madi, mme a a tshollela aletareng ka nqa tsohle.


Yaba Aarone o atamela pela aletare, mme namane a e hlabela sehlabelo sa sebe.


Ke mang hara lona ya tla kwala menyako, hore le se hlole le hotetsa mollo wa aletare ya ka ka lefeela? Ha ke kgahlwe ke lona, ho bolela Jehova wa makgotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahiswang ke matsoho a lona.


Mme le re: A ntho e kgathatsang! le bile le tshwela hodima yona, ho bolela Jehova wa makgotla; le tlisa se utswitsweng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lona? ho botsa Jehova.


Hape, ke ena ya bobedi eo le e etsang: le tlatsa aletare ya Jehova ka meokgo, ka dillo, le ka mefehelo, o bile ha a sa hlokomela sehlabelo sa lona le ho kgahlwa ke se tswang matsohong a lona.


Le tla ja teng pela Jehova, Modimo wa lona, le ithabise, lona le ba matlo a lona, ka mesebetsi yohle ya matsoho a lona, eo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka yona.


Ha ke a ka ka di ja bofifing ba ka; ha ke a ka ka nka letho ho tsona hore ke etse taba e ditshila, mme ha ke a ka ka di neela mofu. Ke bolokile lentswe la Jehova, Modimo wa ka, ke entse ka tsohle tseo o ntaetseng tsona.


Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.


ya sa tshwanelang, jwaloka baprista ba baholo, ho hlahisa pele, ka matsatsi wohle, mahlabelo ka baka la dibe tsa hae, a ntoo hlahisa a dibe tsa setjhaba; hobane taba eo yena o e entse hang feela, mohla a ikentseng sehlabelo.


Moya o Halalelang o ne o re bontsha ka hoo hobane tsela ya sehalaledisiso e ne e eso ho ka e bulwa, ha tabernakele ya pele e ne e sa eme.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos