Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 10:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba o halefela Eleasare le Ithamare, bara ba Aarone ba pholohileng, a re: Ha le a ka la ja keng phooko ya sehlabelo sa sebe nqalong e halalelang? athe ke ntho e halalelang haholo; Jehova o le neile yona, hore le tle le tlose sebe sa phutheho, mme le e etsetse pheko ka yona pela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 “Ke ka baka lang ha nyehelo e tlosang sebe le sa ka la e jella Sehalalelong, kaha e halalela ka ho fetisisa? Le e filwe hore e hlakole sebe sa phutheho, ka ho etsetsa phutheho eo tefelo ya sebe kapele ho Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 10:17
15 Referencias Cruzadas  

Le tla ba phatleng ya Aarone, mme Aarone o tla jara bokgopo ba ntho tse kgethehileng tseo bana ba Iseraele ba di kgethang, e leng dineo tsohle tsa ntho tsa bona tse kgethehileng. Le tle le be phatleng ya hae kamehla, hore ba fumane mohau pela Jehova.


Aarone le bara ba hae ba ke ba a tene, ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela aletareng, ho phetha tshebeletso ya sehalalelo, ba tle ba se ke ba etsa molato, mme ba se ke ba eshwa; ke taelo e sa feleng, e neilweng yena le ditloholo tsa hae tse tla mo hlahlama.


phooko e tle e ise naheng e se nang batho dibe tsohle tsa bona, tseo e di jereng; mme e tla tebellwa feelleng.


A ka ja dijo tsa Modimo wa hae, dintho tse kgethehileng haholo le tse halalelang.


hobane kahoo ba ka ba jarisa boima ba sebe seo ba ka se etsang, ha ba eja dintho tse kgethehileng; hobane ke nna Jehova ya ba halaletsang.


Jehova a re ho Aarone: Wena le bara ba hao, le ba ntlo ya ntatao, le tla jara melato e etswang dinthong tse halalelang; wena le bara ba hao, le tla jara melato e etswang tshebetsong ya boprista ba lona.


Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos