Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 9:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Dihlooho tsa eketsa tsa re ho bona: Ba ke ba pholohe. Ba bewa ba rathang patsi le ba kgang metsi a phutheho yohle, jwalokaha dihlooho di ne di ba boleletse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Mahosana a boela a re ho setjhaba: “A re ba tloheleng ba phele, e le hore e tle e be bona ba rwallelang setjhaba sena sohle patsi, ba se kgellang metsi.” Setjhaba sa etsa jwalokaha mahosana a boletse.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 9:21
9 Referencias Cruzadas  

Mohwasa wa hae o jwaloka wa noha e balehang; ba ntse ba tsamaya ka makgotla, ba tla ho yena ka dilepe, jwaloka hoja ke baremi ba difate.


Kajeno, emang kaofela ha lona pela Jehova, Modimo wa lona, le ena le dihlooho tsa meloko ya lona, le baholo ba lona, le bahlahlobi ba lona, le banna bohle ba Iseraele;


le bana ba lona, le basadi ba lona, le moditjhaba ya leng ho wena diahelong tsa hao, ho qala ka ya o rathelang patsi, ho isa ho ya o kgellang metsi;


Adoni-Tsedeke, morena wa Jerusalema, ha a utlwa kamoo Joshua a keneng Ai kateng, a o fedisitseng, le hore jwalokaha a ne a entse ka Jeriko le ka morena wa teng, o entse jwalo le ka Ai le ka morena wa teng; le kamoo ba ahileng Gibeone ba entseng kgotso le Baiseraele kateng, ba bileng ba jakile ho bona,


Joshua a etsa kgotso le bona, a hlaba selekane le bona, sa ho ba tlohela ba phela; mme hlooho tsa phutheho tsa itlamela hona ka kano.


Hoo re tla ba etsetsa hona, re tla ba tlohela ba phele, esere mohlomong ra halefelwa ka baka la kano eo re ba hlapanyeditseng ka yona.


Jwale le rohakilwe, mme le ke ke la lesa ho ba bahlanka, le ba rathelang ntlo ya Modimo wa ka patsi, le ba e kgellang metsi.


Tsatsing leo, Joshua a ba bea hore e be ba rathang patsi, le ba kgang metsi a phutheho le a aletare ya Jehova setsheng seo a tla ikgethela sona; le kajeno ho sa le jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos