Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ba tla tswa, ba re phallele, ho fihlela re ba hulela hole le motse, hobane ba tla re: Ba sa baleha pela rona, jwalokaha pele; mme re fela re tla ba balehela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ba tla re phaladisa ho fihlela re ba hulela thoko le motse, hobane ba tla re: ‘Batho bana ba re baleha jwalokaha ba ile ba etsa ka lekgetlo la pele,’ mme rona re tla fela re ba balehe.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:6
7 Referencias Cruzadas  

Faro o tla re ka bana ba Iseraele: Ba lahlehile hara naha, lefeella le ba thibetse.


Sera sa re: Ke tla phalla, ke ba tshware, ke tla hapisa thepa, moya wa ka o tla ikgorisa ka bona; ke tla tsomola sabole, letsoho la ka le tla ba qeta.


Erekaha kahlolo e ahlolang mesebetsi yohle e kgopo e sa phakise ho etsahala, kahoo pelo tsa bana ba batho di ntse di tlala takatso ya ho etsa hampe.


Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.


Haele nna, le batho bohle bao ke nang le bona, re tla atamela pela motse; etlare ha ba etswa ho kopana le rona jwaloka pele, re tla baleha pela bona.


Ke hona le tla tsoha mekgahlelong, le kene motse, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla o neela matsohong a lona.


Yaba bana ba Benjamine ba re: Ba qhalwa pela rona jwaloka pele. Athe bana ba Iseraele, bona, ba ne ba re: A re baleheng, re tle re ba hulele ditseleng hole le motse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos