Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse bana ba Iseraele, kamoo ho ngodilweng kateng bukeng ya molao wa Moshe; e ne e le aletare ya majwe a sa kang a thuhwa, ao tshepe e neng e sa ka ya fihliswa ho wona; hodima yona ba hlabela Jehova ditjheso; ba mo hlabela le mahlabelo a teboho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 A e haha jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a laetse bana ba Iseraele, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe; aletare ya majwe ao ho seng motho ya kileng a a betla ka tshepe. Ba nyehella Morena ka mahlabelo a setjheso hodima yona, ba mo nyehella le ka mahlabelo a teboho.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:31
16 Referencias Cruzadas  

Empa bana ba babolai ha a ka a ba bolaya, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya molao wa Moshe, moo Jehova a laetseng, a re: Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona; e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.


Yaba Hilkia, moprista e moholo, o re ho Shafane, mongodi: Ke fumane buka ya molao ka tlung ya Jehova. Hilkia a nea Shafane buka, mme a e bala.


A mpa a se ke a bolaya bana ba bona, jwalokaha ho ngodilwe molaong, bukeng ya Moshe, moo Jehova a laetseng, a re: Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, mme bana le bona ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona, empa e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae.


Ba kgetha dinama tsa ditjheso ba tle ba di nee bana ba setjhaba, ka ho ya ka makala a matlo a bontata bona, hore ba di hlahisetse Jehova, kamoo ho ngodilweng bukeng ya Moshe kateng; ba etsa jwalo le ka dikgomo.


Baprista ba bewa kabelong tsa bona, le Balevi dihlopheng tsa bona, ho tle ho etswe tshebeletso ya Modimo o hona Jerusalema, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya Moshe.


Motsotsong oo, ha balwa bukeng ya Moshe, setjhaba se mametse; ha fumanwa ho ngodilwe hore Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Modimo le ka mohla o le mong;


Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe, o tlisetsa Modimo setjheso le mahlabelo, mme Aarone le baholo kaofela ba Iseraele ba tla ho tla ja bohobe le mohwehadi wa Moshe, pontsheng ya Modimo.


A roma bahlankana ba bana ba Iseraele ho ya hlaba mahlabelo a ditjheso; ba hlabela Jehova mahlabelo a teboho a dipoho.


Satane ha a leleka Satane, eba o kgaohane ho itwantsha; ana mmuso wa hae o ka tiya jwang?


Etlere mohla le tshelang Jordane ho kena naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona, o ke o ikemisetse majwe a maholo, o a tlotse ka kalaka;


Majweng ao o tla ngola dipolelo tsohle tsa molao ona, di ke di bonahale haholo.


Buka ena ya molao e se ke ya tloha molomong wa hao; o o nahane motshehare le bosiu, o tle o hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngodilweng teng; ke moo o tla atleha metsamaong ya hao, o iketle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos