Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Joshua a ntoo re: Oho, Morena Jehova, o ne o tshedisetsang tjhaba sena Jordane, ho tla re neela matsohong a Baamore, hore ba re timetse? Hoja ra dumela ho itulela mose wane wa Jordane!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Joshua a re: “Oho, Morena Modimo, ke ka baka lang o tshedisitseng setjhaba see noka ya Jorodane, ho tla neelana ka rona matsohong a Baamore, hore ba re timetse? Hoja ebe re ile ra kgotsofalla ho aha mose wane ho Jorodane!

Ver Capítulo Copiar




Joshua 7:7
19 Referencias Cruzadas  

Morena wa Iseraele a re: Jo! Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe!


Ka ba ka re matswalong a ka: Batho bohle ke bathetsi.


Bana ba Iseraele ba re ho bona: Hojane ra itjhwella ka letsoho la Jehova lefatsheng la Egepeta re ntse re ituletse pela dipitsa tsa nama, re eja bohobe, re kgora! Hobane le re ntshitse teng, la re tlisa lefeelleng lena, hore le bolaye setjhaba sena kaofela ka tlala.


Setjhaba se fela se ne se nyoretswe metsi, sa ngangisa Moshe, sa re: O ne o re ntshetsang Egepeta, ho tla re bolaisa lenyora rona le bana ba rona, le makgomo a rona?


Mme jwale, matla a Morena a ke a iponahatse ka boholo ba wona, kamoo o boletseng kateng, wa re:


Na ke ka baka lang Jehova a re isang fatsheng leo hore re yo shwela teng ka lerumo, mme basadi ba rona le bana ba rona ba hapuwe teng? Na ho ke ke ha eba molemo hore re kgutlele Egepeta na?


Jesu a araba, a re: Moloko o sa dumeleng, o kgopo, ke tla ba le lona ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na? Mo tliseng mona ho nna.


Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang.


Mme le lebetse kgothatso ya Modimo kamoo o buang le lona kateng, ka ho re, le bana ba wona, ha o re: Mora wa ka, se nyatse tayo ya Morena, mme o se ke wa tepella ha o kgalemelwa ke yena;


Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.


Oho, Morena, ana ke tla reng haele moo Baiseraele ba balehile pela dira tsa bona?


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.


Jwale, setjhaba ha se kgutletse diahelong, baholo ba Iseraele, ba re: Jehova o re hloletseng kajeno ka Bafilesta? Ha ho ke ho latwe Silo areka ya selekane sa Jehova, e tle hara rona, mme e re namolele matsohong a dira tsa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos