Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 7:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bana ba Iseraele ba tlola molao wa ntho tse entsweng anathema. Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a nka tsa tse entsweng anathema; mme Jehova a halefela bana ba Iseraele ke hona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bana ba Iseraele ba tlola molao ka ho nka dintho tse rohakehileng. Akane, mora wa Karimi, mora wa Sabedi, mora wa Sera, wa morabe wa Juda, a nka dintho tse rohakehileng, mme kgalefo ya Morena ya tlokomela bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 7:1
19 Referencias Cruzadas  

Yaba bara ba Jakobo ba tla ho ba bolailweng, mme ba phahla motse, kahobane kgaitsedi ya bona a ne a sentswe.


Jehova a boela a halefela Baiseraele, mme a ba a susumelletsa Davida, a re: Eya, o bale Iseraele le Juda.


Ha ba fihla leralleng, a di nka matsohong a bona, a di pata ka tlung, a ntoo kgutlisa banna bao, ba itsamaela.


Taba eo ya eba mpe mahlong a Modimo, mme a otla Iseraele.


Yaba ba furalla ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata bona, ba sebeletsa diashera le ditshwantsho; mme Jehova a halefela Juda le Jerusalema, kahobane ba ikentse molato kahoo.


ka re: Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke dihlong tsa ho emisetsa sefahleho sa ka ho wena, Modimo wa ka! Hobane makgopo a rona a totile ho feta dihlooho tsa rona, molato wa rona a hodile ho ya fihla mahodimong.


Sebe sa hao se ka senya motho ya jwaloka wena feela, ho loka ha hao ho ka thusa ngwana wa motho feela.


Bohlale bo molemo ho ena le dihlomo, empa moetsadibe a le mong o senya monono o mongata.


Kajeno, Morena, ho loka ke ha hao, maswabi a difahleho ke a rona, le a banna ba Juda, le a baahi ba Jerusalema, le a Iseraele kaofela, le a bohle ba leng haufi, le a ba leng hole dinaheng tsohle, moo o ba leleketseng teng, ka baka la ditshito tseo ba o sitetsweng ka tsona.


Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae: Le se ke la rola hloohong tsa lona, le se ke la hahola diaparo tsa lona, hore le tle le se ke la shwa, mme Jehova a tle a se ke a halefela phutheho kaofela; lesang banababo lona, ba ntlo ya Iseraele kaofela, ba lle hodima tjheso e kgolo e tukisitsweng ke Jehova.


Yaba ba botsana, ba re: Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe na tsietsi eo e re hlahetse ka baka la mang? Ba laola ka lotho, mme lotho ya ntsha Jonase.


Ho itswe ke phutheho yohle ya Jehova: Molato oo ke o jwang oo le sitetsweng Modimo wa Iseraele ka wona, ha le furaletse Jehova kajeno, le bile le ikgahetse aletare, hore le tle le fetohele Jehova na?


haele moo le furalla Jehova kajeno na? Hobane, ha le fela la fetohela Jehova kajeno, hosasane o tla halefela phutheho yohle ya Iseraele.


Hleka Akane, mora Sera, ha a ka a tlola molao wa tse entsweng anathema, mme phutheho kaofela ya Iseraele ya halefelwa na? Hape, le motho eo ha a ka a timela a nnotshi bokgopong ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos