Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 le tla re ho bona: ‘A bolela hore metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, kapele ho areka ya selekane sa Morena. Ha areka e tshela Jorodane, metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, mme majwe ana e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele kamehla yohle.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:7
11 Referencias Cruzadas  

O etseditse mehlolo ya hae kgopotso.


Letsatsi leo le tla nne le le hopole; le tle le le kgethele Jehova e be mokete; ebe mokete ka taelo e sa feleng, melokong ya lona.


Mahakwe a mabedi o tla a bea mahetleng a efoda, e be mahakwe a kgopotso ho bana ba Iseraele; Aarone o tla jara jwalo mabitso a bona pela Jehova mahetleng a hae a mabedi, ho etsa kgopotso. Dikoomana o tla etsa tsa kgauta;


O nke tjhelete tsa topollo tse ntshwang ke bana ba Iseraele, o di ntshetse tshebeletso ya tente ya pokano; e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova, ha ho etsetswa meya ya lona topollo.


Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Monna eo ke tla mo kgetha, e tla ba eo thupa ya hae e tswang dipalesa, mme ke tla fedisa medumadumo e ntseng e bolelwa hodima lona ke bana ba Iseraele.


mme hobane a lebohe, a bo ngwatha, a re: Nkang, le je; hona ke mmele wa ka o robelwang lona; le etse hoo, le tle le nkgopole ka hona.


O se ke wa jellela Paseka le bohobe bo lomositsweng; ka matsatsi a supileng, o je mahobe a sa lomoswang, mahobe a mahlomola; kahobane o tswile naheng ya Egepeta ka potlako; o tle o hopole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao letsatsi leo o tswileng naheng ya Egepeta ka lona.


e tle e be pontsho ho lona, hore, ha bana ba lona ba ka le botsa mehleng e tlang, ba re: Majwe aa a reng ho lona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos