Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 4:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 le tla ruta bana ba lona, le re: Baiseraele ba ne ke ba tshela Jordane ena ba hatile mobu o omileng;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 le tle le ba bolelle, le re: ‘Baiseraele ba ne ba tshele noka ena ya Jorodane mobu wa yona o omme.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 4:22
11 Referencias Cruzadas  

Bana ba Iseraele ba tsamaya kahara lewatle mobung o omileng, metsi ya eba lerako ho bona ka letsohong le letona le ka leqeleng.


Empa bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile moo ho omileng, hara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona le ka leqeleng.


Hobane pere tsa Faro, le makoloi a hae, le bakalli ba hae ba kene lewatleng, mme Jehova o buseditse metsi a lewatle hodima bona, kanthe bana ba Iseraele ba tsamaile moo ho omileng, mahareng a lewatle.


ke reng ho bodiba: Psha, mme ke tla pshesa dinoka tsa hao;


Na hase wena ya pshesitseng lewatle, metsi a bodiba bo boholo, ya entseng dikoti tse tlase tsa lewatle tsela, hore balopollwa ba tle ba fete ka yona na?


metsi a theohang, a tswang hodimo, a ema, mme a etsa qubu ho isa holehole, haufi le Adama, motse o pela Tsarthane, mme metsi a mathelang Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, a kgaolwa ka mokgwa o phethehileng; mme setjhaba sa tshela mabapa le Jeriko.


Baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova, ba ema ba sataletse mobung o omileng, hare ho Jordane, mme Baiseraele bohle ba tshela mobung o omileng, ho fihlela setjhaba kaofela ha se qetella ho tshela Jordane.


A bolella bana ba Iseraele, a re: Etlare ha bana ba lona ba botsa bontata bona mehleng e tlang, ba re: Majwe ana a reng?


Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Eufrate, mme metsi a yona a epsha, hore ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabatsatsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos