Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 24:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Haele bana ba Iseraele, ba nnile ba sebeletsa Jehova tshiung tsohle tsa Joshua, le tshiung tsohle tsa baholo ba kileng ba hlahlama Joshua, hobane a shwe, ba kileng ba tseba ketso tseo Jehova a neng a di etseditse Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Baiseraele ba sebeletsa Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba Joshua, le ka matsatsi wohle a ho phela ha baholo ba ileng ba nna ba phela kamora lefu la Joshua, ba neng ba tseba mesebetsi yohle ya Morena, eo a neng a e etseditse Baiseraele.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 24:31
13 Referencias Cruzadas  

Lehwatata la Sidime le ne le na le mekotikoti ya bitume, mme eitse ha marena a Sodoma le a Gomora a baleha, a wela ho yona, mme ba phonyohang ba balehela thabeng.


Joase a nna a etsa tse lokileng pela mahlo a Jehova ka ditshiu tsohle tsa moprista Jehojada.


Yaba Josiase o tlosa manyala wohle a mafatshe wohle ao e leng a bana ba Iseraele; a kganna bohle ba naheng ya Iseraele hore ba sebeletse Jehova, Modimo wa bona. Ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, ha ba ka ba kgeloha tshebeletso ya Jehova, Modimo wa bontata bona.


Hobane ke a tseba hobane, ha ke se ke tlohile, ho tla kena ho lona diphiri tse bohale, tse sa tlong ho qenehela mohlape;


Hape, lemoha ditaba kajeno; hobane ha ke bue le bana ba lona ba sa kang ba tseba le ho bona kgalemelo ya Jehova, Modimo wa lona, le boholo ba hae, le letsoho la hae le matla, le letsoho la hae le otlolohileng,


Hobane mahlo a lona a bone diketso tsohle tse kgolo tseo Jehova a di entseng.


Bana ba bona ba sa kang ba tseba ditaba tseo, ba tla utlwa, mme ba tla ithuta ho tshaba Jehova, Modimo wa lona, ka matsatsi wohle a ho phela ha lona lefatsheng leo le yang ho le rua ka ho tshela Jordane.


Hobane ke a tseba hoba ha ke se ke shwele le tla itshenya ruri; mme le tla fapoha tsela eo ke le laetseng yona; mme mehleng ya morao, le tla hlahelwa ke tlokotsi, kahobane le tla etsa ho leng hobe pela Jehova, mme le tla mo phephetsa ka mesebetsi ya matsoho a lona.


Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;


Le wona moloko oo wa orohela ho bontata wona, ha ba ha hlaha moloko o mong o neng o sa tsebe Jehova, leha e le mesebetsi eo a neng a e etseditse Iseraele.


Haele Joshua, o ne a kgutlisitse setjaba, mme bana ba Iseraele ba ne ba ile e mong le e mong lefeng la hae, ho rua lefatshe.


Setjhaba sa nna sa sebeletsa Jehova ka ditshiu tsohle tsa Joshua le ka ditshiu tsohle tseo baholo ba ileng ba phela ka tsona kamora Joshua, e leng ba neng ba bone mesebetsi yohle e meholo eo Jehova a neng a e etseditse Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos