Hobane ha ho lefa leha le le leng hara mafa a bana ba Iseraele, le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele ho le leng, empa bana ba Iseraele ba tla kgomarela e mong le e mong lefa la leloko la bontatae.
Ha ho lefa le tla tswa lelokong le leng le tle le fetele lelokong le leng, empa leloko le leng le le leng ho meloko yohle ya bana ba Iseraele le tla kgomarela lefa la lona.
Joshua a ntoo re ho setjhaba kaofela: Bonang, lejwe lena e tla ba paki ho rona, etswe lejwe lena le utlwile ditaba tsohle tseo Jehova a re boleletseng tsona; e tla ba paki ho lona ke hona, esere mohlomong la latola Jehova, Modimo wa lona.