Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 23:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane Jehova o lelekile ditjhaba tse kgolo, tse matla, pela lona; mme haele lona, ha ho motho ya kileng a ema pela lona ho fihlela kajeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Morena o faladitse ditjhaba tse kgolo, tse matla, kapele ho lona, mme ha ho ya kileng a ema kapele ho lona ho fihlela kajeno.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 23:9
14 Referencias Cruzadas  

A etsa manyala a maholo ka ho latela medimo, ka mekgwa yohle e entsweng ke Baamore, bao Jehova a neng a ba lelekile pela bana ba Iseraele.


Na hase wena, Modimo wa rona, o neng o falatse baahi ba lefatshe lena pela setjhaba sa hao sa Iseraele, o bileng wa le nea ditloholo tsa Abrahama, motswalle wa hao, hore e be la tsona kamehla na?


Etlare ha lengeloi la ka le o eteletseng pele, le o fihlisitse ho Baamore, le ho Bahethe, le ho Baferese, le ho Bakanana, le ho Baheve, le ho Bajebuse, ha ke se ke ba fedisitse,


Ke tla nne ke ba leleke pela hao, ho fihlela o ata, o rua lefatshe lohle.


Eitse hobane bontata rona ba e newe, ba ya le yona lefatsheng la ditjhaba tseo Modimo o di lelekileng pela bona, ba ena le Joshua; mme ya nna ya dula teng ho fihlela mehleng ya Davida.


ke moo Jehova a tla falatsa pela lona ditjhaba tseno tsohle, mme le tla rua naha ya ditjhaba tse le fetisang ka bongata le ka matla.


O tla neela marena a tsona matsohong a hao, mme o tla hlakola mabitso a wona tlasa lehodimo; ha ho motho ya tla tseba ho ema pela hao, ho fihlela o ba qeta kaofela.


Ha ho motho ya tla tiya pela hao, ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hao; ke tla ba le wena, jwalokaha ke bile le Moshe; nke ke ka o tlohela, leha e le ho o lahla.


Kalebe a leleka teng bara ba bararo ba Anake, Sheshai, le Akimane, le Talmai, bana ba Anake.


Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya tla di leleka pela lona, a di tebele pela lona, le tle le rue lefatshe la tsona, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le boleletse.


Le mpe le kgomarele Jehova, Modimo wa lona, jwalokaha le entse ho fihlela kajeno.


Ke yena Jehova ya lelekileng pela rona ditjhaba tsohle tsa Baamore tse neng di ahile fatsheng lena. Le rona re tla sebeletsa Jehova, hobane ke Modimo wa rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos