Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 23:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le bone tsohle tseo Jehova, Modimo wa lona, a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle ka baka la lona; hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Le bone tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle, ka baka la lona. Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 23:3
13 Referencias Cruzadas  

Jehova o tla le lwanela; haele lona, ikgutsetseng.


Le bone seo ke se entseng ho Baegepeta, le kamoo ke le pepileng kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna.


Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.


Mahlo a lona a tla ho bona, mme le tla re: Jehova o moholo hodima naha ya Iseraele?


Jehova, Modimo wa lona, ya le eteletseng pele, yena ka sebele o tla le lwanela, jwalokaha a se a entse pontsheng ya lona Egepeta,


hobane Jehova, Modimo wa lona, o tsamaya le lona ho le lwantshetsa dira tsa lona, le ho le namolela.


Feela, iponele, mme o lebele moya wa hao haholo, o tle o se ke wa lebala ditaba tseo mahlo a hao a di boneng, mme di se ke tsa tswa pelong ya hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, o di phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.


Ekare ha o re pelong ya hao: Ditjhaba tseno di mphetisa ka bongata; na nka di falatsa jwang?


O tla neela marena a tsona matsohong a hao, mme o tla hlakola mabitso a wona tlasa lehodimo; ha ho motho ya tla tseba ho ema pela hao, ho fihlela o ba qeta kaofela.


Ha ho a ka ha eba letsatsi le jwalo, leha e le pele, leha e le morao, leo Jehova a utlwileng lentswe la motho ka lona; hobane Jehova o ne a lwanela Iseraele.


Marena ao wohle le mafatshe a wona Joshua a a hapa kaofela ka nako e le nngwe, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a lwanela Baiseraele.


Monna a le mong wa lona o lelekile ba sekete se seng, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang, jwalokaha a le baletse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos