Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 23:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha le ka tlola selekane seo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng sona, la ya sebeletsa medimo esele, la inama pela yona, mohlang oo bohale ba Jehova bo tla le tukela, le tle le timele kapele lefatsheng lena le molemo leo a le fileng lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Haeba le roba selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a le laetseng sona, eba le a tsamaya le ilo sebeletsa medimo e meng, le a e kgumamela, bohale ba Morena bo tla le tlokomela, mme le tla timela ka ho panya ha ntshi naheng ena e ntle, eo a le neileng yona.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 23:16
16 Referencias Cruzadas  

Hobane Jehova o tla otla Baiseraele, ba be jwaloka lehlaka ha le tsokotswa metsing; o tla qotsula Baiseraele fatsheng lena le molemo, leo a le neileng bontata bona, a ba qhalanyetse mose wane wa noka, kahobane ba iketseditse diashera, ba phepheditse kgalefo ya Jehova kahoo.


Empa ekare ha le mphuralla, lona, kapa bana ba lona, le sa boloke melao ya ka le ditaelo tsa ka, tseo ke le beetseng tsona, le empa le ya, le sebeletsa medimo esele, le e kgumamela,


teng ke tla kumola Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona, le ntlo eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahlela hole le nna, mme Iseraele e tla ba tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle.


Ho bile jwalo kahobane bana ba Iseraele ba ne ba sitetswe Jehova, Modimo wa bona, ya neng a ba nyolotse fatsheng la Egepeta, le matsohong a Faro, morena oa Egepeta, ba mpa ba rapetse medimo esele;


Efela e bile ka kgalefo ya Jehova hoo ho hlahetseng Jerusalema le Juda, a ba a ba lahlela hole le yena. Tsedekia a ntoo fetohela morena wa Babilona.


Naha e sentswe ke ba ahileng ho yona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse ditaelo, ba sentse selekane se sa feleng.


Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.


Se tlang ho etsahala, ke hoba ke tla etsa lona seo ke neng ke rerile ho ba etsa sona.


leha e le ya yang ho sebeletsa le ho kgumamela medimo esele, leha e ka ba letsatsi, kapa kgwedi, kapa makgotla wohle a dinaledi tsa lehodimo, e leng taba eo ke sa kang ka o laela yona;


Empa ekare ha o sa utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa hao, mme ha o sa itise ho boloka ditaelo tsa hae tsohle, le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno, dithohako tsena tsohle di tla o fihlela, di o tlele.


hobane Jehova, Modimo wa hao, ya leng ha eno, ke Modimo o boulelang. Bohale ba Jehova, Modimo wa hao, bo ka o tukela, mme Jehova a ka o timetsa lefatsheng.


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


Ke ha kgalefo ya Jehova e tla tukela Baiseraele, a re: Haele moo setjhaba sena se sentse selekane seo ke se laetseng bontata bona, mme se sa ka sa mamela lentswe la ka,


Ha le ka nna la etsa hampe, le tla timela, lona le morena wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos