Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 22:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Modimo, Modimo, Jehova, Modimo, Modimo Jehova, o a tseba le Baiseraele bohle ba tla tseba hoo le bona — ha ekaba ke ka ho fetohela Jehova, le ka ho mo sitelwa, o se ke wa re pholosa kajeno!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 “Morena Modimo wa medimo! Morena Modimo wa medimo! Modimo o a tseba, le lona Baiseraele le tsebe! Haeba hona ke bofetohedi kapa bohlabaphiyo, re timetswe hona kajeno!

Ver Capítulo Copiar




Joshua 22:22
40 Referencias Cruzadas  

o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o tshwarele, o etse, o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho bohle;


Athe o ntse o tseba hobane ha ke na molato, le hobane ha ho motho ya ka nnamolelang letsohong la hao.


Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.


ha ho ka ba jwalo, lehetla la ka a le ke le we makopanong a lona, mme letsoho la ka le we, le robehe.


Rorisang Modimo wa medimo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


O tla bonahatsa tokelo ya hao jwaloka lesedi, le ho loka ha hao jwaloka ho ela ha motshehare.


Ke bolela ho loka phuthehong e kgolo; ha ke a thiba melomo ya ka, Jehova; o a tseba.


na Modimo o ka be o sa ka wa tseba na? Athe o tseba makunutu a dipelo.


Empa feela, re bolawa ka baka la hao ka matsatsi wohle, re lekantswe le dinku tse hlajwang.


Modimo, Modimo Jehova o buile, o bitsitse lefatshe ho nka botjhabatsatsi ho isa bophirimela.


Modimo o kene phuthehong ya medimo, o ahlola mahareng a medimo.


Hobane Jehova ke Modimo o moholo, ke Morena e moholo ya fetang medimo yohle;


Ba hlabilwe ke dihlong, bona kaofela ba sebeletsang ditshwantsho, ba ithorisang ka medimo ya leshano; medimo kaofela e tla kgumama pela hae.


Jwale, ke a tseba hobane Jehova o moholo ho medimo e meng kaofela, hobane o ba hlotse tabeng eo ba neng ba ikgantshitse ka yona.


Empa nna Jehova, o a ntseba, o a mpona, o leka pelo ya ka hore na e reng ka wena? O ke o ba hulanye jwaloka dinku tse hlajwang, o ba kgethele tsatsi la polao!


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


Ke tla jara kgalefo ya Jehova, hobane ke mo sitetswe, a tle a be a emele nyewe ya ka, a nkahlolele: o tla nntshetsa leseding, mme ke tla boha ho loka ha hae.


Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ya lokileng le ya kgopo kateng, ya sebeletsang Modimo le ya sa o sebeletseng!


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


Ba rapela, ba re: Oho, Morena, wena ya tsebang dipelo tsa bohle, e be wena o supang eo o mo kgethileng ho ba babedi bana;


Ha ekaba ke entse ho kgopo ho e mong, kapa ha ke entse ho hong ho tshwanelang lefu, ha ke hane ho shwa; empa ha ho se nnete tabeng tseo ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneang bona; ke ipea ho Sesare.


Na ke ka baka lang? Na ke ka hoba ke sa le rate? Ho tseba Modimo!


Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, e leng o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hoba ha ke leshano.


Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.


Hobane, Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo wa medimo, le Morena wa marena, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o sa tadimeng tshobotsi ya motho, o sa amoheleng dimpho,


e leng yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ikahetseng leseding le sa atamelweng, eo ho seng le a mong ho batho ya kileng a mmona, eo ho seng ya ka mmonang, eo hlompho le matla a sa feleng e leng tsa hae. Amen!


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


Ebile bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ba fetola dihlooho tsa dikete tsa Iseraele, ba re:


Mme o na le lebitso le ngodilweng seaparong le seropeng sa hae, le reng: Morena wa marena, le Mmusi wa babusi.


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Hobane boikgantsho bo ka sebe sa bonohe, mme bohata bo tshwana le tshebeletso ya ditshwantsho le ya diterafime; erekaha o lahlile taelo ya Jehova, le yena o o lahlile, hore o se ke wa nna wa ba morena.


Le se ke la hlola le bua ka boikgohomoso, boikgantsho bo se ke ba tswa melomong ya lona; hobane Jehova ke Modimo o tsebang, mme diketso di lekanngwa ke yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos